Ho ikatisa ha kgoho

© Chris Daly

Ho supa ho ikatisa ha dikgoho ho thata, hobane ha ho Tshwane le setho sa diphoofolo tse ding, se dutse ka hara mmele wa tsona mme ho thata ho se hlokomela. Ho nale tumelo kgolo tse seng kae, mohlala, ho ikatisa ha kgoho ho ka hlaloswa ka ho potoloha ha nale hodima kgwele hlohong ya yona.

Mme kgoho ho dumelwa hore ke e tona ke ha boima bo tsamaya jwalo ka watjhe mme e tshehadi ha e tsamaya kgahlano. Kapa ha o tshwara kgoho ka lesapo la molala mme maoto di phahama ke e tshehadi, empa ha maoto a haka ke e tona.

Tumelo kgolo e nngwe ke ha ho ikatisa ho ka tswa ka tjhebahalo ya lehe, monahano ke hore e bang lehe le tshwana le bolo ya maoto ke e tona ya lapeng, ha le le motopo kapa le le kgidikwe ke e tshehadi ya lapeng. Mokgwa ona wa ho lepa ha o tshepahale , mme monyetla wa ho lepa hantle ho hodimo ha o le motho ya lehlohonolo.

Ditsela tse tshepahalang tsa ho lepa botona kapa botshehadi ba kgoho ke ka ho ikatisa ha masiba, ho ikatisa ha kutlwahatso le ho ema o shebe. Mekgwa e meng ke kgodiso e dumellang ponahalo ya botona kapa botsheadi maheng, empa sena se theko e hodimo mme e batla mokgwa o ikgethang o phahameng.

Ho ikatisa ha masiba

©Chris Daly
Mmala wa tswalo tse ding o ka bonahala ho ikatiseng ha dinonyana. Ho tlolelana ha dikgoho ho sitisa tswelopele (ka masiba a mela e metsho le e masweu) ka tse tona tse senang mela, e tla isang ho tse tona tse sitisang ho tswelapele le tse tshehadi tse seng sa tswelapele. Sena se ka etsahala le ho tse dipaterone tse kgauta le silivera, ka tlhahiso ya tse tona tse silivera le tshehadi tse gauta tse hlahisang ditsuonyana tse bosweu ba romo le bosehla bo lefifi kapa mekoko ya lapeng e mekgubedu. Tse tshehadi tse kgauta le mekoko e silivera, ka lehlakoreng le leng e tla hlahisa di tsuonyana tsa kgauta le mekoko e silivera.

Ho di tsuonyana le tswalo tse tshehadi di bontsha ho ikatisa hoba le masiba kapele ho feta tse tona. Tse tshehadi di bonahala di ena le masiba a mapheo a holang hantle, ha tse tona di eba lebanta ka ho phethahala. Ka kakaretso bolele ba masiba bo bonahala bo sa tshwane ho tse tona le tse tshehadi. Sena le ha hole jwalo se sebetsa ho madinayne a qetang ho halaha, mme phapang e ya nyamela ka mora dibeke tse pedi. Mebala ya ditswalo tse ding e ka bonahala ho ikatiseng ha dikgoho.

Ho ikatisa ha sebaka

Ho ikatisa ha sebaka ho ile ha hodiswa ke Professor Kiyoshi Masui wa Japan ka 1930. Ke tsamaiso e ikgethang e phahameng e kenyeletsang hlaholobo ya pono ya sebaka ya kgoho boteng ka bosiyong ba setho sa ho ikatisa se bonahalang jwalo ka ho ruruha. E kaka di ka hodimo ho dibopeho tse leshome lemetso e mehlano.

Diatisi tsa profeshini di kgona ho atisa dikgoho ka potlako ya motsotswana ka kgoneho ya 90% ho ya (5%, ha kgoneho ya batho ba eseng ba profeshene ba kwetlisitsweng e le ka tlsase ho 70%. Bo maithutwana ha ba lokela le ho e leka, hobane ho etsa ka tsela e fosahetseng ho ka qetella di phinyeha mala le ho shwa ha dikgoho.

Ema o bone

Mokgwa o mong wa ho bona botona kapa botshehadi ba kgoho ke ho ema o bone. Ha kgoho e netse e tsofala, e bonahala hantle hore e tona kapa e tshehadi. Ho ya ka sengolwa Poultry Bulletin, ho ikatiseng ha kgoho,e tona e tla:

  • qala ho bonahala jwalo ka monna le ho leka ho etsa modumo
  • masiba a tla qala ho ho fetoha ho tlowa ho bakgidikwe bo motopo a tlwaelehileng ho e tshehadi le nyane, ho ya ho phatsimeng le hoba mutsu le masiba a supang a fumanwang molaleng le qetellong ya mohatla
  • kgekge e tla hola ka pele mme e be kgolo ho feta tse tshehadi
  • hlooho e tlaba mutsu le ho bonahala mesifa
  • tse ding di bonahala paterone ya mmala e thusang ho di qolla.