Dr Peter Magubane le merusu ya Soweto

© Dr Peter Magubane

Ba batsho le ba basweu ka 16 Phupjane

Letsatsi ke 16 Phupjane 1976. Ka boetapee ho ya letsatsing leo le hlollang le ileng la hohola lefatshe. Lentswe le ile la tlala-tlala jwalo ka mollo o sa bonahaleng. Batjha ba batho ba batsho ba ile ba boloka sephiri haufi le bona. Ho ne ho sa tsebe le mesuwe/mesuwetsana kapa batswadi ka leano la ho etsa mohwanto. Setjhaba se tla makala hoseng hona ho batang, ha menyenyetsi e hlaha kgahlano le thuto e tlaase ya Bantu le puo ya Afrikaans dithutong.

E qadile Soweto, ho ya Alexandra, Pretoria mme malakabe a nna a tswelapele. Baqolotsi ba ne ba thibetswe ho kena Soweto, Dr Peter Magubane o sebakeng seo, a hlometse. Lesole ka khemera ya lona. Hojana mane o bona kotsi ya musi o motsho, letshwao la ketsahalo lepatlelong. O tsamaya a iphaphitha dipakeng tsa dikarolo.

Dr Magubane o nale ditshwantsho tse ngata tsa ketsahalo ya 16 Phupjane ho feta boraditshwantsho ba bang. Ditshwantsho tsa mmala o motsho le o mosweu tsa bana ba sekolo ba fofa ka hara sefako sa dikulo ba batla ho ba bolaya. Maikutlo a tswakaneng a tshabo le kgotsofalo ya tokoloho e ba tobileng. Ke phetoho e matla lefatsheng la kgatello, tse hatisitsweng ka khemera ya Dr Magubane.

Pepeso ya sehloho sa kgethollo

Ka nako e nngwe, ha Dr Peter Magubane a qolotsa merusu ha e ntse e tswelapele, maponesa a hlasela khemera ya hae ba roba le nko ya hae. Ba ne ba mojwetsa ka moo a batlang ho pepesa filimi ena kganyeng, ba e senya. Peter o ne a utlwile bohloko ka ho lahlehelwa ke filimi ho feta nko e robehileng.

Lefatshe le hloka ho bona bohloko bo kekeng ba latolwa, bohloko le mahlomola a neng a fotuwe filiming eo. Ha selemo se ntse se ya, maponesa a ne a kgothalletsa baahi ba hostel ho hlasela baahi ba lekeisheng Peter o ne a sebetsa bosiung boo a qolotsa merusu. Ha a feta Diepkloof lapeng a ya ofising ya dikoranta o bona ntlo e tuka.

Ha ana matla mme o shebile ntlo putlama fatshe. Hape ka Phato 1976, o ile a kwallwa matsatsi a 123 le baqolotsi ba bang ba batho ba batsho, a mang a mafeela a mmuso a ho leka ho thibela mosebetsi wa ho pepesa merusu ya kgethollo.

Ditshwantsho di hatisa histiri

Ka nako tse ding Magubane o sebeletsa pele. Ha a fumana ditshoso, o re ka sebete, ‘ha ke tshoswe’! ke monna ya manganga, ya halefang e bang dintho disa tsamaye ka moo a batlang. Boholo ba batho ba iphumana ba mo obamela ka baka la matla a hae. Ka mora moo, o ile ema kgahlano le mmuso mme a hlola.

Ha hona se ka tshosang Peter Magubane. Ho bohloko ho kgutlisa dintho tse fitileng, empa o etsa hoo ka mosa. ‘ha ngata mosebetsing waka ke ne ke fumana batho ba sotleha, ba bang ba hlokahala’, empa senepe se ne setla pele, ke ne ke iphumana ha ke fihla lapeng ele hona ke ipotsang ,” ke ntse ke etsang”? Empa letsatsi le hlahlamang ke lona hape, ke kgutlela mebileng ka khemera letsohong. O ne a kgannwa ke tumelo e reng, ‘lefatshe le tla arabela’.