Chardonnay

© Louise Brodie

Tlhaloso

Chardonnay ke veine e tshweu ya khalthiba e tsebahalang haholo lefatsheng kajeno. E arola pakeng tsa leloko la Pinot mme ke mofuta o batlileng o shwa o bitswang Gouais Blanc.

Tlhaho

Fora (France)

Mabitso a Mang

Melon Blanc, Pinot blanc Chardonnay, Pinot Chardonnay or Weisser Clevner.

Tlhahiso Afrika Borwa

Ha khalthiba e ntse ele ka hare ho naha nako e telele, tlhahiso ya nka taolo ho matlafatsa semela le ho etsa hore se fumanehe ka selemo sa 1970. Hofihlela mohlang oo, ho kgaolwa hoi le hwa etswa ho tswa sefateng sa morara se neng se tshwaeditswe ke kokwana haholo.

Mmusa o ile wa e nyopisa ka tsela e butle eo o neng o hwebisa ka yona le hontsha dimela tse ntjha, ka hoo sehlopha sa bo rapolasi sa qetella se inketse molao matsohong. Pakeng tsa 1973 le maqalong a 1980, ba ile ba ntsha semela ka ho seng molaong ho ya Afrika Borwa, ka diphahlong tse ka hare, makaseng, diaparong le difofaneng.

Ba ile ba lata semela sa Fora sekolong sa veine, Geissenheim, naheng ya Jeremane, moo Daniel De Wet, moetapele eo e neng ele moithuti wa mehleng. De Wet ya lemang Dewetshof mane Roberts, e ne ele yena wa pele wa ho ntsha semela sa Chardonnay ka ho seng molaong ka hare ho naha 1973.

Sebaka sa Tlhahiso

Chardonnay e hlahiswa makaleng ohle a Afrika Borwa a etsang veine, ka Robertson, Paarl, Stellenbosch, Breedkloof le Swartsland ho phahamisa dibaka tse kgolo tse sa hlahiseng hantle.

Kgolo

Khalthiba e hola ka ho itekanela, ka boholo bah o fihla ho dihectara tse 5-9.

Ho Butswa

E butswa maqalong a karolo ya pele Hlakola.

Menokotshwai

Menokotshwai e menyane, e kgidikwe e metala bohlakileng ho isa bosehleng ka mmala. Letlalo le lesesane, le matla mme le ya bonaletsa, ha nama e le bonolo e le lero.

Makgasi

Makgasi a itekanetse ka boholo, a matenya, e bopehile ka bokgidikwe.

Disenyi le Mafu

Chardonnay ke teka tekano e tshabang hlobo le sebodu. Sefate sa morara se hola ka tlasa maemo a phodileng a maemo a lehodimo a mariha le hlabula le itekanetseng. Ho butswa ka pele ho thusa ho fokotsa sekgahla matla a motjheso maemong a tlhahiso.

Tshebediso

E sebediswa ele patsi e le nngwe kapa e sena patsi ho hlahisa veine ya maemo e phatsimang Afrika Borwa. Ha ngata e tswakwa le Sauvignon blanc.

Tatso

Tlhaku ena ya veine e e hlahiswa ke khalthiba e itshetlehileng hodima maemo a lehodimo le mobu. Khalthiba e itjhorisa hantle mobung, tjhokong, letsopeng le lejweng la mokwetla ke ya sebele. Tatso di fapana ho tlowa ho tholwana ya tropiki, ditlama, vanilla, botoro le sinamone. Veine e nale mmala wa kgauta e utlwahala jwalo ka velvete ka molomung.

Translated by Sebongile Sonopo