Cape Grysbok
Cape kapa Southern Grysbok

© Nigel Dennis

Lebitso

Cape kapa Southern Grysbok (Raphicerus melanotis)

Tjhebahalo

Gryston ke phoofolo ya matsa e nyenyane, e dihlong e nang le mme o nonneng o letlalo la teng le apesitsweng ka boya bo kang ba podi. Mmeleng e nale mmala o moswenyana le bo kgubetswana karolong e ka morao. Ke tse tona feela tse nang le manaka a bolelele ba di mili mitara tse 60-80, tse thintseng hanyane feela, ebile di eme ka ho totobala hlohong. Cape Grysbok e bolelele ba mili mitatara tse 540 mahetleng, tse kgolo do boima ba di kilogramo tse 10.

Dijo

E ja Jwang bo butswitsweng, mme eja ditholwana ha di fumaneha.

Tswalo

E tswala nku ele nngwe ka nako ya selemo, mme di kgona ho ya tlhorong nakong ya selemo. Nyalano e ka nka kgwedi tse supileng. Ka tlasa a mang a mabaka a itseng e tshehadi e ka tswala dinku tse pedi ka selemo. Tse kgolo di nale mmala o kganyang hofeta tse qetang ho tswalwa. Di hola bakeng sa thobalano bonyane dikgweding tse 18-24.

Boitshwaro

Cape Grybok hangata di rata bo mong haholo, di robale dikalaneng mofuthung wa letsatsi di ja ebile di ithuta.

Moo di fumanehang teng

Cape Grysbok di dula dithabeng tse ka phuleng e borwa, mme di potapotiwe ke mekato e ka Bophirima le provinse ya Kapa Botjhabela Afrika Borwa. E qetellong ya Fynbos Biome. Popo le bodulo ba di Grysbok bo tshwana haholo, mme di fumaneha dithabeng tsa Lobombo ka leboya-botjhabela ba Mpumalanga le leboya le hole.