Amadumbe

© Marinda Louw

Amadumb kapa “tapole ya teropika” semela seo mmetso ya sona etsebahalang ka Taro. Amadumbe entse e holela Borwa Bochabela ba Asia ho feta dilemo tse kete di tsheletseng (6000) mme ya tsebiswa ke barekisi ba Mapotoketsi Borwa ba Afrika dilemong tsa 1500 e sitana le bafutsana a ileng a dumela ho sebetsa dilemo tse itseng hola India.

Ke moriana, mmetso ya semela sa teropika eo e holelang Borwa ba Afrika naheng e metsi mme ke enngwe ya dimela tse bohlokwa mmetsong ya dijo tsa meroholefatshe ka bophara. Tannia kapa ditsebe tsa mmutla ke enngwe ya dimela tsa bohlokwa mmetsong, ka hofetisisa e holela Bophirima ban aha tsa Afrika le hore ba rata ka hofetisisa amadumbe ka lebaka la matshwao a phahameng. Athe, diperesentse tse mashome a robong (90%) ya mafatshe a thlaiso thekisong ya amadumbe ke etswang Bophirima naheng tsa Afrika jwalo ka Cameroon, Nigeria le Ghana.

Afrika Borwa, amadumbe ene hlaiswa haholo ke bo rapolasi ba KwaZulu-Natal, Mpumalanga, Bophirima esitana le Bochabela ba diporofense tsa Kapa feela, ka tsebiso ya amadumbe ke ba thekiso e tsebahalang ya ketane ya dijo e phahamisitse boemo ba meroho ya setsole dijo tse tlwaelehileng.

Amadumbe a ka Hodiswa Jwang?

Amadumbe ke motso o moholo o motelele, aka ebitsa ‘mme’. E nale letlalo le kaba le sootho mme e ka bekga hotloha 500-900 sekoto fela, eka hola hofihla boimeng ba 3.6 kilokrama. Nama e tshweu kappa e pinki.

Amadumbe e kgetha hokang moriti fela eka holela letsatsing le tsetseng ebang e nosetsoa. E hloka tulo e futhumetseng mme eka se kgotsofalle leqhoa. Amadumbe e holela hanyenyane moo honaleng esiti, mobu o mongobo ka manyolo a mangata kappa ditlama. O ka jala hotlowa chupunge felletseng kappa kgaolong hotlowa chupung. Ho jala ka letsoho ka ho phoma ka lehlakore fatshe le hanyenyane ho otlollohaka ka botebo bokabang 15 cm.

Semela sa amadubes 60 cm ntle ka sebaka se pakeng tsa mola wa 1m. Nako e loking ya ho jala ke kgwedi ya Tshitwe ho fihla ka Mmesakapa nako eo mobu ontso ngobetse. Ebota ka NPK (15:15:1). Sena se bontsha karo karolelano ya niterojene (N:15 diyunitsi) hoya ho fosefeiti (P:15 unitsi) hoya ho phosesiamo (K:uniti elenngwe). E fafatsa bohlano ho isa dibotlolong tse tshelela tsa coke ya NPK lesalengtekanyetsong ekabang 10 cm ho pota semela. Amadumbe e tsebahala ka hosenya dijalo tse jwalo ka dikokonyana tse tshweu le ditweba le tsekamelo ho isa metsong ha o jalla metsing.

Le ha hole jwalo, kganyetso ya ditweba tse kgethang dijalo tse jwalo ka ditapole kapa dihwete. Sena se bakwa ke hoba amadumbe e chefu ha e jewa entse ele tala, ka lebaka la bophahamo a khalisiamo eo e bakang ho ruruhaha molomo le kgokgotho. Kotulo e etswa ka morao ho kgwedi tse robedi ho isa ho tse leshome, ha Makala a ba masehla. Metso e Chekwa ka kgarafu kapa ka terekere ka polata e ikgethileng. Metso e a hlekwa, e lokiswe le ho pakelwa.

Thuto ka Prudence Ntombifikile Tembe e tshwarelwa mahaeng KwaZulu-Natal ka 2008 e bontshitse barekisi ba kgetha banehelani b aka mehla ba bonyane hoya tekanyetsng ya boholo ho amadumbes, thlatsuong le komisong, nehelanong ya dikereiti. Phephetso tse kgolo tsamaisong yay a mahaeng enele ho palamiswa ha amadumbes hoya dimarakeng.

Ho ja Amadumbes

Amadumbe enale tatso eo eya borui mona lefatsheng, e phahame ka dikhabohaedrats le hoba enale di protine le amino asiti hofeta motso ofe kappa ofe wa sejalo. Enale dieresente tse robong tsa poroteini ho bapisa le ditapole ka 1.9% le dipatata 1.7% enale faeba e ngata haholo, mankanisi, potassiamo, aene, dimatlafatsi tsa A, B1, B2 le C.

Di pheuwa jwalo ka ditapole kappa patata mme eka bediswa, tsa hadikwa mme tsa tsholwa jwalo ka setoto, ditakapa sona sechu. Setoto amadumbe se lokile eka se jellwa ho theosa mmele.

Makala, ka nako tse ding bakoa di jewa jwalo ka sepinichi mme se fane ka tlatsetso hoya pooneng kappa e phehwe ka keremi ya khokhonathe mme ya fetjwa ka amadumbe a betseng. Morabe wa Makua KwaZulu-Natal ba kenyelleditse amadumbe seratswaneng sa bona. Makala a phatlalletse ka sepaese, ho phuthwa, e setingwe le ho seuwa mme e fanwe jwalo ka panakuku.

Malomo a Amadumbe a fetolelwa ho folouru to lukisetsa fufu, sechu se tsebahalang hola Nigeria. Hoya ka setso, Amadumbe e hola jwalo ka dijo tse tlwaelehileng fela, ka morao ho dilemo tse mmalwa, enentse e sebediswa bakeng la dihlaiswa tse ding tsa dijo. Sena se qolla kahare amadumbe le pizza enang le sepinichi, botlase, hlasimollo, kheri le pudulana ya amadumbe.

Translated by Sebongile Sonopo