Wild Dagga
Lebake

© Roger de la Harpe

Lebitso

Lebake

Lebitso la SeLatin

Leonotis leonurus

Tjhadimeho

Lebake ke moru o qadikaneng ka dikutu tse nne tse telele tse sekameng tse kgutlonne ponopomahanyong. Mahlaku a ka bobedi, a ka masesane kapa sephara ka meno; hangata a atisa ho ba le boya. Dipalesa di na le dintlha ebile di kukilwe dihlohong tse teteaneng tse lekanang le bolo ya kolofo hodimo kutung ka palesa tse mmala wa lamunu; di arohantswe ka bobedi ke dintlha kapa melomo, molomo o ka hodimo o moholwana ebile o kwahetse menono ya modula, ha o ka tlase o le monyane.

Ditala-tale di atisa ho ja lero la dipalesa. Nako ya ho thunya ya lebake ke lehlabula kapa hwetla. Leha lebitso lena la Senyessemane e le “Wild Dagga”, mahlaku ha a sebediswe bakeng sa matekwane empa a tsujwa ho oka mahloko a itseng.

Lehae

Lebake le hola morung Aforikaborwa ebile le ka fumanwa Limpopo le Kruger National Park.

Dinoutu tsa naheng

Sejalo sena se tsejwa se le moriana o ka okang mahloko a itseng ebile merabe e meng e atisa ho se sebedisa bakeng a fapaneng, ho opa, mahlabi ho isa ho sefuba. Sejalo sena se ka thusa hape ho fodisa lefu la tswekere la mofuta wa 2, sethwathwa, bohloko ba mokoteng le ho pipitlelwa.