Weeping Boer Bean
Malope

© Roger de la Harpe

Lebitso

Malope, Weeping Boer Bean [Schotia brachypetala]

Tlhahiso

Botle ba sefate sena bo dutse mmaleng wa sona o motle o kganyang, dithupeng tsa dipalesa. Dipalesa di hlahisa lero le lengata, le phallang ka hodimo le ho rothela kapa e fihela ho tlowa dipaleseng ke yona e eleng sesosa sa lebitso, Weeping Boer Bean kapa Huilboerboon ya Afrika.
Ke semela se setle, se holang ka ho lekana ho isa boholong ba sefate, ka Makala a qhalakaneng a teteaneng, a meqhaka e kgidikwe. Enale kutu ele nngwe eo ka nako tse ding e behang makgasi tlaase. Sefate se k aba bolelele ba dimitara tse 22, empa hangata e e hola ho fihla ho dimitara tse 11-16 ka ho qhalakana hwa dimitara tse 10-15. Makgapetla a kgorofo lehoba sootho bo boputswa. Makgasi a nale metswako, ka dipara tsa makgasi a 4-6. E nngwe le e nngwe e ka meedi e ikhareleng.
Makgasi ha a le manyane a makgubedu ho isa mmaleng wa koporo, di fetohele mmaleng o motala mme ha dihola di be tala bo tebileng bo phatsimang. Dibakeng tse tjhesang tse senang le leqhwa di dula dile tala, emapa dibakeng tse batang e hlohlora makgasi, e lahlehelwa ke makgasi bakeng sa nako e kgutswane ya mariha ho ya ho ya selemo.

Palesa

Dipalesa di riule bokgubedu bo tebileng, di hlaiswa ka bongata ka dihloho tsa makala a teteyaneng hodima patsi e tshofetseng ka nako ya sehlasa selemo (Phato-Pudungwna). Nako ya ho palesa ha e tshwane letse ding ho palesa hoetsahala dimitara tse seng kae ho se senang le pontsho ya dipalesa. Boleng bona ba hose Tshwane ha lero bo ke dijo tsa dinonyana, mme di ja nako e telele.

Tholwana

Tholwana e thata, e paqame, e patsi, kgetla e sootho bo tebileng, peo e sootho bo kganyang ka dimilimitara tse 20 didaemetheng ka dithotse tse tshehla.

Tshebediso

E hohela dinonyana tse fapaneng, diphohofolo le dikokonyana tse lerata. Lero le jowa ke dinonyana, haholo tsa letsatsi, dinotshi le dikokonyana. Dikokonyana tse jang dinonyana dija dikokonyana tse hohetsweng ke palesa. Ditshwene le diapi dija dipalesa, ditshwene dija pete, dinonyana dija karolo e bonolo e potapotileng pete, makala a jowa ke ditshokudu tse ntsho mmoho le makgapetla. Makgapetla le metso ha akopanywa a sebediswa ho matlafatsa mmele le ho hlwekisa madi, e laola le mafu a pelo mmoho le letshollo. Peo e ka jowa ka mora hore e beswe le ha di sena mafura le protein empa di ruhile ditlheferetsi. Ka bobedi ba batsho le ba basweu mmoho le ba lemi ho bontshwa ha ba besa kgetla ho eja le peo mme sena ke kwetliso eba e fumaneng hodi Khoikhoi.
Lekgapetla le ka sebediswa ho etsa dae e kgubedu le e sootho. Sefate sena boleng, mme se loketse ho etsa finishara. Karolo e kantle ya patsi e pinki bo buputswa mme hae tshwarelle ntle le ho laolwa. pelo ya patsi e le fifi, e betlile eba ntsho, e thata, e boima, mme ha e jowe ke bohlwa, e nale mmala oboreledi o teteyaneng ke ka hoo e sebediswang bakeng sa finishara le foluru mme ho bolelwa ha e nepahetse hape bakeng sa mefuta yohle ya dikariki tsa patsi mme ene e sebediswa bakeng sa ho etsa toloki ya kariki ya marena.

Bodulo

Di dula moo ho futhumetseng morung, difateng tse hlohlorehang, mahwatateng a dihlahla le mabopong a dinoka le dithabebg tsa bohlwa.

Moo di fumaneng

Umtata, Kapa leboya, KwaZulu-Natal, Swaziland, Mpumalanga, profinsing ya Leboya, Mozambique le Zimbabwe.

Lebitso la Selatin

Schotia brachypetala
Lebitso lena le bolela ho ba le mekwallo e menyane, ka seGrike ho bolela sefate se ikgethang hara difate tse ding tsa mofuta wa yona.