Tshimoloho ya baTsonga

© Dr Peter Magubane

Morabe o Holang

Ho ka nna ha etsahala hore ebe batho ba pele ba buang Setsonga ba ileng ba fihla Transvaal ba fihlile mongwahakgolong wa 18. Hantlentle e ne e le bahwebi ba neng ba latela dinoka kahara naha,moo ba neng ba fapanyetsa lesela le difaha ka lenaka la tlou, koporo le letswai. Mathwasong a dilemo tsa 1820, ba ile ba ikopanya le ba buang puo e tshwanang le ya bona ba neng ba sutuditswe ho hlaha lebopong ke bahlasedi ba BaNguni.

Nakong ena, Batsonga ba neng ba phela lebaleng la lewatle ba ne ba laola sehlotshwana sa batho ba neng ba bua puo e tshwanang le ya bona mme ba na le meetlo e tsamaelanang empa ba se na bolaodi bo le bong. Dihlotshwana tsa bona di ne di na le kganyetso e fokolang kgahlano le BaNguni ba neng ba ba hlasela.  

Sehlopha sa ho qetela sa BaNguni ho tla sebakeng seo e ne e le masalla a lebotho la Ndwandwe, pusong ya Soshangane, se ileng sa hlekefetswa habohloko matsohong a Shaka le bahlabani ba Mazulu mabopong a noka ya Mhlatuze, haufi le moo kajeno e leng Ulundi. Baphaphathehi ba ile ba dula haufi le noka ya Tembe, borwa-botjhabela moo kajeno e leng Swaziland, empa kamora nako e seng kae ba futuhela Batsonga, mme ba fallela leboya ho ya phuleng ya Limpopo. Kgotso e hlokang botsitso e ile ya ba teng ha BaNwandwe (kapa Mashangane) ba kenyeletsa batho ba buang Setsonga hara bona.

Soshangane

Mmuso wa baNguni moeding o ka leboya wa Zululand e ne e le sehlabi ho Mazulu, e le lehae la bahanyetsi ba sepolotiki ebile ba sokela tsela ya bohlokwa ya kgwebisano e lebang Lourenço Marques (eo e leng Maputo kajeno). Sehlopha se setjha sa Mazulu se ne se rometswe leboya ka 1883 ho hlasela Soshangane le ho otla batshehetsi ba hae.

Ba ile ba hapa Lourenço Marques le ho hlaba mmusisi wa toropo lebopong la lewatle. Ka nako ya ho boya sekwele ha Mazulu, Soshangane le balatedi ba hae ba ile ba baleha bodulong ba bona tlase ho phula ya Limpopo. Ba ile ba tswela pele ho ya nokeng ya Zambezi pele ba leba borwa ho ya dula Mosapa (Zimbabwe). 

Ho tloha mona Soshangane o qadile ho hlola le ho kenyeletsa MaNdau a neng a bua Seshona hara bona. Ka ho sebedisa mabotho a ekeditsweng, o ile a eketsa matla a hae sebakeng se pakeng tsa noka ya Zambezi le koung ya Delagoa.

Butle-butle ke ha borena ba Gaza, bo rehelletsweng ntatemoholo wa Soshangane ya neng a dula lebatoweng la Mkuze la Zululand, bo qala ho hlahella moeding o ka botjhabela ba mothati le morung o teteaneng lebaleng la lewatle.

Ho ile ha qala nako ya kgotso e tshwanetseng boemo ba ditaba, eo ka yona BaNdwandwe ba hlahang borwa le Batsonga, ba neng ba ntse ba le sebakeng seo ka mengwahakgolo, ba ileng ba susumetsana butle. Sena se ile sa matlafala kamora 1838 ha boholo ba masole a Soshangane a shwa ka lebaka la sewa sa sekgolopane, yaba o fallela phuleng ya Limpopo hape. 

Mabotho a hae a ile a ripitla sebaka seo, ha a otla dira tsa hae, a etsa basadi le bana makgoba, mme a batla ditefello tse boima tsa sethabathaba. Moferefere ona o ile wa kgelosa baphaphathehi ka mekgahlelo e mmedi ho tloha lebaleng la lewatle. BaNkuna le dihlotshwana tse ding ba ile ba fallela bophirima ba iphaphatha ka noka ya Olifants ba bile ba ipeha pusong ya merabe e buang Sesotho, Kaha le Lovedu, bophirima ba Lowveld.

Leqhubu la Bobedi la Baphaphathehi

Leqhubu la bobedi la baphaphathehi (Maluleke, Baloyi, Tshauke le Sono) le ile la latela Limpopo ho ya jaka pela noka ya Levubu kapa dibakeng tse tlase ho botjhabela ba Soutpansberg le Drakensberg.

Methwaela ya baphaphathehi e ile ya dula le marena a bona ka ho jaka dibakeng tse sa duleheng tse nang le kotsi e hodimo ya lefu la malaria empa, ebang ba neng ba lakatsa ho dula dibakeng tse potapotileng tse phetseng hantle tse phahameng ba ne ba lokela ho batla tshireletso ya baetapele ba buang Sesotho ba tshwanang le Modjadji, Podile le Maake ka borwa kapa Pafuri ya neng a bua Sevenda ka leboya.

Ka dilemo tsa 1850 bafalli ba Batsonga ba ile ba iketsetsa lehae la bona Spelonken e mosikong wa Soutpansberg moo Mopotoketsi, Joäo Albasini, a neng a ikahela borena ba hae boo a bo bopileng ka phaello ya ho rekiswa ha makgoba le manaka a tlou. 

Ha baphaphathehi ba Batsonga ba bohareng ba qala ho ipopa ho ba dijthaba tse nyane, beng ka bona ba lebopong la lewatle ba ile ba lokela ho mamella merusu ya dipolotiki e neng e ntse e tswela pele. Ka selemo sa 1858, Soshangane o ile a hlokahala mme borena ba qala ho wa ha bara ba hae, Muzila le Mawewe, ba tseka borena. Soshangane o ne a thontse Muzila ho ba mohlahlami wa hae, e leng seo Mawewe a ileng a se phephetsa; sena se ile sa baka diqhobeshano tse sa feleng tsa dilemo tse ka bang tse 10. Muzila o ile a hlola ka thuso ya Albasini le bahwebi ba Lourenço Marques. 

Mawewe o ile a balehela Swaziland, moo a ileng a kopa thuso ya Morena Mswati wa pele, moo qetellong a ileng a dula leboya la Swatsing moeding wa Gazaland. Muzila o ile a tloha bohareng ba Gaza ho kgutlela tshireletsong ya Mosapa, a siya kou ya Delagoa e hole e sa sireletswa.

Mariha a mang le a mang Maswati a ne a qala ditlhaselo tse ripitlang sebakeng seo. Ka 1884 Muzila o ile a hlokahala mme mora wa hae, Gungunyana, a mo hlahlama boreneng. Morena e motjha o ile a leka ka potlako ho kgutlisa bolaodi ba borwa ba Gaza. Tshitiso e neng e ntse hola e ile ya qala leqhubu le letjha la bojaki ho ya Transvaal mme ya qabanya Gungunyana le Mapotoketsi.

Leqhubu le Letjha la Bofalli

©Dr Peter Magubane

Jwaloka kou ya tlhaho ya Witwatersrand, Lourenço Marques e ne e se e hodile ka lebaka la makgulo a matjha a kgauta. Sena se ile sa fa Mapotoketsi takatso le mekgwa ya ho laola borwa ba Mozambique; ka 1895 boromuwa bo hlahang Lisbon bo ile ba hlola Gungunyana mme ba mo isa kgolehong Azores.

Mora wa hae, Thulilamahanxi, eo a neng a le monyane dilemong ka nako eo, le moemedi boreneng ba hae, Mpisane, ba ile ba balehela rephaboliking ya Transvaal mme ba dula leboya la noka ya Sabi mosikong wa dithaba tsa Drakensberg, moo e leng lebatowa la Mhala kajeno.

Ho ripitlwa ha Gaza ho ile ha phethelwa dilemo tse pedi kamora moo, ha merusu e neng e eteletswe pele ke balaodi ba molao ba Gungunyana e ne e hlolwa ka ho hlokang mohau. Sena se ile sa qala leqhubu le letjha la bofalli ba masalla a puso ya Gaza a ileng a tshela moedi mme a kena Transvaal.

Ka 19010 Mpisane o ile a itokolla boemeding ba hae ba borena ho bo rolela Thulilamahanxi, ya neng a nkuwe ke lekgotla la lelapa e le mojalefa bosiyong ya Buyisonto ya neng a ntse a le kgolehong, eo e neng e le yena mohlahlami ya molaong wa Gungunyana. ka 1922 Buyisonto a kgutla kgolehong mme a fallela Mhala ho ba moetapele wa ditloholo tsa mmuso wa kgale wa Gaza.

Ka nako ena batho ba buang Setsonga e ne e le karolo ya persente tse nne tsa setjhaba sohle sa Afrika Borwa. Transvaal teng ba ne ba dula dibakeng tse arohaneng. Ka leboya, boreneng bo boholo, jwaloka bo kang ba Xikundu, Mhinga, Xigalo le Makuleke,ba ne ba dula dibakeng tse kgethuweng tse kopaneng le kapa tse pela Kruger National Park.

Hojana ka borwa, ditjhaba tse qhalaneng di ne di kgwahlapisa bophelo Lowveld. Haufi le mehlodi ya metsi ya dinoka tsa Levubu le Letaba le lenyane, basokolohi ba Bakreste ba dutse mapolasing a Swiss Mission a Valzedia, Elim le Kurulen, bana ba bona ba kena koletjheng ya Lemana. 

Hojana ka borwa, BaNkuna le dihlotshwana tse ding tse mmalwa ba ile ba dula moeding wa mothati. Ditloholo tsa Mashangane a buang Senguni, le basadi ba bona ba buang Setsonga hammoho le balatedi, ba ile ba dula sebakeng se pakeng tsa Acornhoek-Bushbuckridge le pheletso ya borwa ba serapa sa Kruger.

Mohlomong e ne e le sona feela sehlophahadi sa batho ba buang Setsonga se neng se le mabatoweng a Ingwavuma - Ubombo ka leboya la Zululand. Bana e ne e le ditloholo tsa Maputo (Mabhudu ka Sezulu), bao borena ba bona bo ileng ba arolwa dikoto tse pedi ke moedi o pakeng tsa Afrika Borwa le Mozambique. Ka ho se tshwane le Batsonga ba Transvaal, ba ne ba utlwana le Mazulu.

Translated by Maletsatsi Sejake