Red Grass
Seboku

© Shem Compion

Lebitso

Seboku (Red Grass)

Lebitso la Selatini

Themeda triandra.

Tshebediso

Ke jwang bo sa tjheng, bo ikatisa ha tshimo e tjheswa ha ngata, haeba ho fula ho feta tekano ho sa etsahale. Red Grass ke sesupo sa bophelo bo botle tshimong.

Tlhaloso

E bolelele ba dimitara tse 1.5. Sehlahla sa makgasi a bohale a hlabosang a bolelele dimilimitara tse 8. Palesa ha e na makala a arohaneng kappa a fatshe, a sebopeho sa V a holang. Jwang bo a hlabosa hlabula, empa fetoha ho ba makgubedu le bosweu mariha.

Bodulo

Tshimong ya jwang e bulehileng le morung dikarolong tseo pula e nang haholo. E ngata bophamong ba lewatle ba dimitara tse 1 300 – 3 000. Bo hola mobung o fapaneng, empa haholo seretseng. Bo fumaneha ho ralla Borwa le Botjhabela ba Afrika le dinaheng tse ngata lefatsheng.

Palesa

Mphalane – Phupu

Dintlha tsa Tshimo

Ke mofuta wa jwang o bohlokwa haholo bakeng sa balemi ka lebaka la dikwetla ebile e fan aka dijo bakeng sa dinonyana tse ngata. E tsebahala ka lebitso la Afrkaans la Rooi Gras Afrika Borwa.