Nalane ya Bapedi

© Dr Peter Magubane

Mmuso o Holang wa Bapedi

Ka nako ya e puso matla ya Bapedi, boetapeleng ba Thulare (ho tloha 1790 - 1820), ba ne ba hlasela batho ba ba potolohileng kgafetsa ka katleho. Ba ile ba atolosa puso ya Bapedi ho tloha sebakeng seo kajeno e leng Rustenburg botjhabela ba Lowveld ka bophirima, le ho theohela borwa ba noka ya Lekoa (Vaal River), (mabatowa ana kajeno a bitswa Waterberg le Soutpansberg).

Bapedi ba ile ba hola ka palo ya bona hammoho le matla, ba eketsa ka baahisane ba bangata pusong ya bona. Pusong ya Thulare ya matla, mmuso wa Bapedi o ile wa hola mme borena ba Maroteng ba fihla sehlohlolong. Tshusumetso ya Thulare e ne e le matla hoo a ileng a qetella e le moetapele wa semoya wa merabe e mo potapotileng e neng e se taolong ya Bapedi ka kotloloho. Ka 1824, ka ho hlokahala ha Thulare, o ile a hlahlangwa ke mora wa hae wa matsibolo, Malekutu, ya ileng a leka ho ntshetsa pele lehlakore la Bapedi la puso.

Ditlhaselo tsa Bapedi tsa Borwa

Borena ba Bapedi ba Malekutu ha bo a ka ba tshwarella, mme tse kumang ke hore, o ile a jeswa tjhefu ke e mong wa baena ba hae. Bapedi ba ne ba ferekane ha ba tla hlaselwa ke bahlabani ba BaNguni ba hlahang borwa. Ditsebi tsa nalane di fapane ka puo hore na bahlabani e ne le Matebele boetapeleng ba Mzilikazi kapa karolo ya Ndwandwe boetapeleng ba Zwangendaba, ya neng a kgephohile ho Zwide kamora ho hlolwa ke Shaka. 

Le ha ho le jwalo, Bapedi ba ne imetswe mme bara bohle ba Thulare, ntle le Sekwati, ba ile ba bolawa. Bahlabani ba Nguni ba ile ba dula nako e ka etsang selemo, eo ka yona ba ileng ba kotula masimo ohle ao ba neng ba kgona ho a kotula mme ba tsodisa le lefatshe ka ho qeta dikgomo. Merabe e mengata e potapotileng e ile ya futsaneha mme ho dumelwa, ho ya ka mehlodi ya kajeno ya molomo, hore ba ile ba fetoha madimo. 

Sekwati o ile a baleha, le masalla ao a ileng a kgona ho a bokeletsa a setjhaba sa Bapedi, ho haola noka ya Olifants. Ba batlile setshabelo ka dilemo tse nne dinaheng tsa boahisane, le eo ba neng baamana le yona, boreneng ba Ramapulana. Ba ile ba hlasela kgafetsa dibaka tse nyane, mme ba hapa basadi le dikgomo.

Qetellong Sekwati o ile a tshela noka ya Olifants hape mme a sibolla ntlokgolo ya hae Phiring. Ka hanyane o ile a bokeletsa Bapedi ba hasaneng hohle mme a theha botjha borena ba Maroteng sebakeng seo. O ile a kgona ho qoba ditlhaselo tsa MaSwati le MaZulu ka bobedi, ka ho balehela dibakeng tse bolokehileng dithabeng tse potapotileng, moo qetellong a ileng a theha motsemoholo wa hae wa Téate, mosikong o ka botjhabela wa dithaba tsa Leolo.

Kgotso e Hlokang Botsitso

Selemong sa 1845, moetapele wa Maburu e leng Hendrik Potgieter o ile a jaka botjhabela ba Steelpoort, moo a ileng a theha Ohrigstad ya kajeno. Ka la 5 Phupu selemong seo Potgieter le Sekwati ba ile ba tekena tumellano, moo Potgieter a ileng a fuwa tlotla ya lefatshe lena. Yaba ho ba le kgotso e hlokang botsitso pakeng tsa Bapedi le palo e ntseng e eketseha ya Maburu, e neng e ntse e sitiswa ke ho hapuwa ha dikgomo kgafetsa ditlhaselanong tsa Bapedi le maburu. Ho fumana habonolo ha dibetsa ha Bapedi ho ne ho se ho atile. Morena e moholo o ne a se a qadile ho romela dihlopha tsa bahlankana ho lo sebetsa e le basebeletsi ba bojaki sebakeng sa Kapa, Delgoa Bay le merafong ya taemane e Northern Cape. 

Ha dilemo tsa bo-1870 di fihla, monna e mong le e mong ya kgutlang mosebetsing o ne a lefa £1 moreneng, e neng e sebediswa ho reka dithunya le mahlaahlela. Kamora ho timela ha Sekwati ho ile ha ba le diqabang pakeng tsa bara ba hae ba babedi, Sekhukhune le Mampuru, ka bohlahlami boreneng. Sena se ile sa mpefatswa ke boteng ba maburu, ba neng ba tshosa ho tswela pele ha bolaodi ba Bapedi. 

Katleho ya hae ho laola diqabang tsena, le ho tiisa hore o na le tokelo ya ho ba mojalefa, e ne e bonahala bokgoning ba hae ho bitsa mabotho a banna ba lwanang ho tloha ho marena a tlase ho yena, e le ho tlosa bofetohedi ba marena a mang a neng a se a sa thabele puso ya hae.

Sethatong Sekhukhune o ne a utlwana le Maburu, empa ditsitsipano tse neng di matlafala ka lebaka la lefatshe le mesebetsi e ile ya supa ha dikamano tsena di ntse di fokola ho fihlela qetellong ka 16 Motsheanong 1876, Transvaal Volksraad e qala ntwa kamora ho utlwa menyenyetsi ka tlhaselo ya Bapedi e tlang motseng wa Lydenburg wa Maburu. Bahlabani ba Maburu ba ile ba hlolwa habohloko. Dikgwedi tse pedi kamora moo Sir Theophilus Shepstone o ile a bokelletsa Transvaal republic molemong wa British Crown, e leng e nngwe ya ntho tse ileng tsa etsa Maburu a hlolehe ho laola Bapedi. 

Kamora hoba ntwa ya MaZulu e fele ka Phupu 1879, Sir Garnet Wolseley (Mokomishinara e moholo wa Borwa-Botjhabela ba Afrika) ya neng a na le tshepo e kgolo ya hore Sekhukhune o tla qeka kgotso, a beha dipehelo tse boima, a fa Sekhukhune kotlo ya ho lefa dikgomo tse 2 500. Sekhukhune a hanana le dipehelo tsena, mme Sir Garnet a bokella lebotho la banna ba ka bang 12 000, ho kenyeletswa bahlabani ba 8 000 ba MaSwati. Ka 28 Pudungwana 1879, kamora ntwa e matla moo ho bolauweng bahlabani ba Bapedi ba fetang 1000, Sekhukhune o ile a qetella a hlotswe. O ile a tshwarwa mme a lahlelwa tjhankaneng ya Pretoria. Mme ke mona moo borena ba Bapedi bo ileng ba senngwa. 

Translated by Maletsatsi Sejake