Moruo wa Boholoholo wa baTsonga

Temo

©Dr Peter Magubane

Batsonga ba ileng ba falla lebopong la lewatle mongwahakgolong wa 19 ba ile ba tlisa mehlodi e metjha ya dijo Transvaal, ho kenyeletswa cassava, mefuta e itseng ya matokomane, ditapole le mmela. Tsa bohlokwa haholo e ne e le poone le dikgoho tse tsebisitsweng ke bakoloneale dibakeng tse ntjha tsa bojaki ba bona.

Boholo ba mosebetsi wa temo o ne o etswa ke basadi, ntle le ho lokiswa ha mobu sethatong oo e neng e le boikarabelo ba banna. Banna ba ne ba boetse ba jala kwae. Ho kotulwa ho ne ho etswa ka tshebedisanommoho, ho fapanyetsanwa ka dinako, mme setjhaba sebakeng seo se kopana ho kotula dimela tsa motho e mong. Monga masimo o ne a amohela baeti mme a ba phomosetse ka jwala bo bongata le dijo mme e ne e ba mosebetsi o kang moketjana, ebile ho foka moya wa setswalle o leng bohlokwa ketsahalong ya mofuta ona.

Batsonga ba ne ba etsa mofuta wa temo wa ho seha le ho tjhesa. Dibaka tse neng di na le hlaha ya tlholeho di ne di kgaolwa le ho tjheswa, mme dimela di jalwa mobung o hlekuweng ho fihlela mobu wa teng o se o se na dimatlafatsi mme le tjhai e fokotse. Kamora moo sebaka se seng se a hlekwa ho be ho jalwe teng.

Mofuta ona wa temo o ile wa baka ho falla ha batho ka ha ba ne ba lokela ho dula ba tsamaya ka boiketlo ba batlana le lefatshe le letjha. Ha setjhaba se ntse se eketseha, ho ne ho hlodisanwa bakeng sa lefatshe, mme ka nako tse ding, ho ba le diqhobeshano.

Ho Tsoma

©Dr Peter Magubane

Boholo ba mongwahakgolo wa 19 ho tsongwa ha ditlou e ne e le ntho ya bohlokwa lebopong la lewatle le bohareng ba naha. Ho fihlela dilemong tsa 1860, ditone tsa lenaka la tlou di ne di haola Lourenco Marques kapa di iswa Durban selemo le selemo.

Ditsomi di ne di boetse di rekisa matlalo a diphoofolo tsa mofuta wa dikatse le boya ba teng, haholo ho etsa diaparo tsa sesole sa MaZulu le Gaza. Ha mehlape ya ditlou e ntse e fokotseha le mabotho a qhalwa, ditsomi di ile tsa bolaya palo e neng e eketseha ya ditshephe mme ba rekisa matlalo le manaka a tsona ho batho ba hwebisanang. 

Nama ya nyamatsane e ne e le sejo sa bohlokwa sa lehae, le ho tshwaswa ha dihlapi e ne e le ketsahalo ya bohlokwa ya kopanelo setjhabeng. Dipula tsa nako le nako di ne di fetola mabopo a omeletseng a dinoka ho ba melapo e phoroselang e phatlolang mabopo a tsona, mme metsi a phallela ka bongata melatswaneng e haufinyane. Ha letsatsi la hlabula le omeletsa matsha, setjhaba se neng se hlometse ka diroto tse motsullope se ne se di kenya metsing a sa tebang ho tshwasa dihlapi. 

Pheletsong ya mongwahakgolo wa 19, basireletsi ba tlholeho ba ile ba qalella ho etsa thibella sebakeng se seholo seo ka 1926 e ileng ya ba Kruger National Park. Baahi ba bangata ba ile ba tloswa serapeng seo mme ba dulang haufi ba ile ba thibelwa ho tsoma dinyamatsane le ho tshwasa dihlapi kahara meedi ya teng. Ho tsoma le ho tshwasa dihlapi e ntse e le tse ding tsa dintho tse etswang ke batho bana e le ho tsamaisa nako feela, empa ke ha e le ditsomi tse seng moalong, ho na le ha e le ditsomi tse motlotlo, moo ba tsomanang le dinyamatsane.

Mosebetsi wa Batsonga

Nakong e fetang dilemo tse lekgolo, banna ba Batsonga ba ne ba fumana mosebetsi merafong le ditsing tsa tlhahiso (difemeng) Afrika Borwa.Ka kakaretso ba lokela ho dula dihosteleng mme ba qeta dihora tse ngata ditereneng le dibeseng. Bofuma ba mahaeng le menyetla ya toropong di bakile hore halofo ya Batsonga naheng ena ba fallele ruri ditoropong.

Boholong ba dibaka moruo wa mahae o itshetlehile meputsong ya tjhelete e romelwang lapeng ke basebetsi ba bojaki ba toropong. Basadi le bona ba ntse ba eketseha ka ho sebetsa nakwana mapolasing a haufi. 

Bothata bo boholo ke hore ho na le batho ba bangata kahara naha. Sena ke karolwana ya ketsamolao ya mmuso wa kgethollo hape ke karolo ya ho sa ikemisetse ho kgaola maqhama a setswalle, dikgopotso le boitsebiso le lefatshe le itseng. Ho na ha pula ho tshepahala haholo lethathameng la methati e ka botjhabela, empa dibakeng tse ngata metsi a tswang tlase lefatsheng le pula a leqeme.
 
Temo ya kgwebo e a etswa dibakeng tse kgonang ho nosetswa empa tshebediso ya mobu e tshwarellwa ke mokgwa wa kgale wa semorabe wa ho hirisa sebaka le meralo ya motheo e fokolang. Ho batho ba bangata dikgomo e ntse e le mohlodi wa boemo bo hodimo ho na le ho ba boleng ba moruo; mme ha se hakaalo mohlodi wa lekeno ho na le ho nyala basadi le ho bapatsa boemo ba motho.

Translated by Maletsatsi Sejake