Molao wa Boitshwro wa Porofinsi ya Western Cape

Molao wa boitshwaro wa profinsi ya Western Cape o ile wa dumellwa le sebediswa ke profinsi ka 1998. Molao wa boitshwaro o ile wa etswa ke Fred Brownell, kamora hore a etse diphuputso tse hlokolosi le ditherisano le baemedi ba mekga yohle ya dipolotiki ba neng ba le teng palamenteng ya profinsi.

Dielemente tse sebedisitsweng popong di ile tsa kgethwa ho emela ho ikgetha ha Western Cape. Botlaase bo bolou bo emetse Table Mountain, tlhaho e hlahelletse ya Western Cape.

Ka mose ho nale mnasiba a mpshe a kwalletse lepetjo – SPES BONA e leng ho bolelang “tshepo e ntle” masiba a mpshe a emetse Karoo e nyane. Ho tlowa botlaaseng ke setshireletso, e nang le sefapano, sehlahla sa morara le pitsa ya letsopa bohareng.

Sefapano se emela tshepo, botsitso, tumelo le pale ya diketsahalo tsa lewatle. Morara o emela bohlokwa ba temo mmoho le tlhahiso ya veine Western Cape. Pitsa ya letsopa e bolela tlhahiso le botle ba bonono ba badudi ba pele ba Kapa, MaKhoi.

©Nigel Dennis

Se tsheheditseng setshireletso ke Quagga le Bontebok, ka bobedi ke tsa selehae la profinsi. Quagga ke ho foqoha ho nepahetseng, empa diphuputso di ka tlasa tlhahiso e ikgethang ya lenaneo leo maikemisetso a yona e leng tlhahiso e ntjha ya bona.

Bontebok e ile ya kwalwa ho foqoha empa hajwale e nale baahi ba tshepisang. Ka hodimo ho setshireletso ho nale korone e nyane, e entsweng katiba ya difaha, e kileng ya rwalwa ke di San, palesa e boleleng sehlahla sa palesa se mmala o kganyang se fumanehang profinsing dipala monwanana tse tse bolelng pheteho, jwalo ka ha e sena qalo le qetelo.

Molao wa botshwaro o motjha o sebetsa ho phahamisa boitsebiso le seriti sa Western Cape.

Translated by Sebongile Sonopo