Boholo ba dinonyana tsa dikgoho di hodisetswa hodima lera la moalo o hasitsweng hodima foloru. Ha e laolwa hantle, moaloo thusa ho phahamisa tshireletso le bophelo ba dinonyana, ka ho tshireletso foloru le fana ka tshireletso ho tswa serameng. E amohela le mongobo, e sa thusing feela ka boloka dinonyana di omme empa e fokotsa kgokahanyo le dintho tse ka nnang tsa baka diso, ho tjha ha letlalo le ho ruruha.
Ntho tse ngata di lokelwa ho elwa hloko ha o kgetha disebediswa tsa moalo.
Tjeo ke kelohloko e bohlokwa, jwalo ka ha tshusumetso ta taelo ya phaello ya kgwebo dikgoho. Pine shving le sawdust ke disebediswa tse ratwang haholo, empa di lekanyeditswe ka phepelo le hoba theko e hodimo dibakeng tse ding. Dikgetla tsa raese e kaba disebediswa tse nepahetseng ha di fumaneha ka theko e kgonehang.
Borapolasi, le ha holejwalo, balokela hore ba se foufatswe ke theko ya disebediswa, jwalo ka ho boloka ho entsweng ka sesebediswa se molemo ho tla etsa theko e fapaneng dihlahisweng. Tshusumetso ya sepalangwang e hodima kakaretso ya tjeho le yona e lokela ho elwa hloko. Boholo ba borapolasi ba sebedisa disebediswa tse fumanehang haufi polasi tsa bona.
Dinonyana di ka etsa ditane tane tsa manyolo, jwale ho se sebediswe hape ha sesebediswa ho lokelwa ho e lwa hloko. Matlakala a dikgoho, motswako wa moalo, manyolo le masiba di entswe ka disebediswa tse ruileng ditlama. Bo rapolasi ba bang ba e rekisa e le manyolo, ha ba babang.
Ho khahlano le molao ho rekisa matlaka a dikgoho e le dijo tsa diphoofolo, disebediswa ha dina mohlodi wa nitrogen ya protein bakeng sa mohlape, tse kang kgomo, podi le nku. Matlakala a lokelwa ho laolwa ka hloko le ho ntshetswapele ho balehela mathata a bophelo a mohlape kapa batho. E lokelwa hape ho be bobebe hore silehe, e sebe le dibotlolo, dinthwana, toxini, disebediswa tse tsang ntle, setopo sa phoofolo, ditweba le protein ya diphoofolo. Diphoofolo tse fumang phano ya dijo di lokela ho entwa ho thibela kgahlano le botulism, mafu a di kokwanahloko tse etsang hoshwa ha mesifa le tshwaetso ya diphoofolo.
Ha o shebile disebediswa tse tshwarehang e lokela ho ba:
Kamohelo e hodimo le ho oma ka pele. Matlakala a metsia etsa diso sefubeng, ho tjha maoto le ho se kene ha setopo sa phoofolo. Kganya e ya ammonia e hodimo le ho kgothaletsa dikokwnahloko tse kotsi le fungi. Mohopolo ke ho boloka maemo a matlakala a mongobo dipakeng tsa 21% le 25%. Ha di ikamahanya mmoho jwalo ka balo, e metsi haholo. Ha e ikamahanya hanyane e lokile. Ha e sa ikamahanye hohang e omme haholo.
Kganya le bonolo ba ho e laola. Disebediswa di lokelwa ho tjekiswa ka mehla le ho laolwa ka tsela ya ho thibela mongobo o mongata.
Toxino e lokolohileng, dibotlolo, disebediswa le disebediswa tsa ntle. Di pontsho tsa kotsi tsa bophelo. Tse ding ke patsi e thata e nang le fungi e kotsi dinoyaneng. Dikgetla tsaa matokomane ke moalo wa disebediswa di ditjeo tse tlase sebakeng sa tlhahisong ya matokomane, empa di ka ba tse kotsi tse bolayang dikokwanahloko.
Mohao wa INSULIN e ntle ho tshireletso bakeng sa serame. Lehlabathe ha se kgetho e nepahetseng jwalo ka ha ena le motjheso o fumanehileng mme dinonyana di sokola ho tsamaya ha e fafaditswa ka ho teba haholo.
Boholo bo lekaneng dinthwana tse nyane. Ntho e nngwe le e nngwe e kgolo ho feta 30 mm, jwalo ka poone e sitsweng le ditjhipusi tsa patsi di ka utlwisa maoto le difuba tsa dinonyana bohlokomme e qetella e le ho theolwa ha mmele o shweleng phoofolo. Disebediswa tse ka tlase ho 2 mm, tse jwalo ka mafoforotsane a patsi kapa korolo e sitsweng hasesane, lehlaka kapa jwang, ka lehlakoreng le leng, di halhisa lerole le kotsi ho dinonyana le batho.
Translated by Sebongile Sonopo