Metsotso e 90 ya Mandela papadi ya teboho

© Eric Miller

Lefatshe XI le Afrika XI

Ka 2007, tlhophiso eo ileng ya etswa ya mokete o moholo wa Mandela wa letsatsi la tswalo, batho ba 35 000 ba mmoho Newlands Rugby Stadium CapeTown ho keteka letsatsi la tswalo ba shebelletse papadi e ntle e dipakeng tsa lefatshe le Afrika. Ba e bitsa metsotso e 90 ya teboho ho Mandela, mme e ne ele pokeletso ya letlole o ka tlasa FIFA ka benara e ngotsweng ‘e re tjhehe ho kgethollo’, e le senotlolo diketsong tsa Mandela.

FIFA e ile ya kenya tshebetsong letsholo la anti-racism ka 2006 ho lwantsha bothata ba kgolo ba dibapadi tse neng di utlwa bohloko ba kgethollo e tiileng ya balatedi, haholo Europa, le ha dihlopha tsa Afrika Borwa di ile tsa fumana bohloko ba ditshebo tseo.

Letsatsi pele ho kick-off Mandela o ile a fuwa jeresi ya semolao ya papa e nang le lebitso la hae le nomoro ya 89 ka morao. Ke ile ka kenya nomoro ya hae ya tjhankaneng ka pele e leng 4664. E ne ele yona e tlang ho bonahala matsholong a hae lefatshe ka bophara a HIV\AIDS.

Ere Tjhehe ho Kgethollo

Mandela a re o tlotlehile ka ho teba ka tlotlo ya FIFA, empa ka ho hlahisa hore ba dule ba hopola hore ke ne kele e mong wa balwanedi ba tokoloho ho tloha mmusong o sehloho le kgello Sehlopha mmeleng wa sona o ne o ngotswe ‘e re tjhehe ho kgethollo’, mmoko taba wa dihlopha tsa Afrika ka diaparo tse tshweu le tse ntsho ho ba bapalang le bona.

Papadi ena e ene e tlotla le batshwaruwa ba bang ba Robben Island ba neng ba ena le Mandela, Makana Foodball Association ba ile ba nka melao ya FIFA. Nelson Mandela o ile a shebella papadi ena a le seleng ya hae hobane o ne a sa dumellwa ho kopana le batshwaruwa ba bang. Tsamawong ba ile ba aha lebota ho thibella hore a shebelle.

Se Fetang Papadi Feela

Letsatsing la papadi, motlatsi wa mopresidente wa FIFA Jack Warner o ile a tlotla botho ba FIFA tlelapong. O ile a leboha FIFA, Nelson Mandela o ile a arabela ka molaetsa o hatisitsweng o ileng wa bapala mahlafing a maholo, ‘Nakong tselefifi tsa tjhankane, mokgatlo o ne o kgobokanya batshwaruwa sehlekehlekeng bakeng sa papadi e ntle.

Sena se ne se ba thusa bakeng sa ho tshwara kenyeletso ya boleng le poelano, ho se kgetholle le kgotso, tseng di le teng le kajeno. O tswela pele, ‘papadi ena e feta ho ba papadi feela’, se bolela matla a papadi ya bolo, ho kgobokanya batho ho tswa lefatshe lohle, ho sa kgathalle puo eo ba e buwang kapa mmala wa letlalo’.

Papadi ya Bolo ka Letshwele le Leholo

Monna wa Brazil ya dilemo di 66 eo e leng mohale wa papadi ya bolo Pele, o ile a keteka ka ho qala papadi ya bolo ka raha pele bakeng sa World Xl, ka mora dilemo tse 30 a se a beile meja fatshe dipapading.

O ile a re o hlohonolofetse haholo ho ba karolo ya papadi eo hobane o ithutile dintho tse ngata tsa bophelo ho Mandela. ‘Re lokela ho tswela pele ho lwantsha tlhompho ya Mandela kgahlano le kgethollo’, o a hlalosa.

Molaeberia George Weah, sebapadi sa mehlang sa lefatshe se tsebahalang hape ka ho hloleha hoba mopresidente wa Liberia o a hlahisa, ‘ Ke mora wa Mandela.

O ile a nkgothatsa mme a lwanela kontinente ya rona. O kgothaditse dimiliyone lefatshe lohle’, ha a ne ale dilemo tse 45, sebapadi sa mehleng sa Europe sa selemo, seteraikara sa Dutch Ruud Gullit o itse dithuto tse tswang ho Mandela ‘ka nako tsohle e ne ele tshepo’. Ha o dumela ho wena, lwana ka thata bakeng sa ntho e lokileng, o tla tswela pele. Sepheto e ile yaba tekatekano ya tse tharo.

Translated by Sibongile Sonopo