Meetlo Ya BaNtwana

Basadi Ba BaNtwana

©Dr Peter Magubane

Seabo sa basadi ba BaNtwana e le mafumahadi le bommê se bonahala ka diphetoho moseng oo ba o aparang nakong ya kgolo ya bona. Maemo ao ke ana: lesea, ngwanana, lethisa (lethumaša), bale (sealogana), morwetsana le kgarebe.

Ke kamora hoba a nyalwe, haholoholo ha a se a na le ngwana wa pele moo mmê wa setjhaba sa Ntwana a bitswang mosadi, ho bolelang hore o hodile ebile ke mofumahadi wa motho.

Mesebetsi Ya Bohlokwa

©Dr Peter Magubane

Mesebetsi ya bohlokwa e kang lebollo, manyalo le mafu,e etsetswa mabaleng a mahae. Pele ho etswa mekete ya lebollo eo e leng karolo ya koma, banana ba etsetswa mosebetsi wa borwetsana. Ke mosebetsi wa sephiri, ka ha banana ba BaNtwana ba fuwa lebitso le itseng kamora lebollo. Ka nako ya lebollo, jwaloka makolwane, ba tseleng ya ho fetoha - e se bana kapa batho ba baholo. Ka yona nako ena, ha ba le kotsing ya meya e mebe, ba behwa sebakeng se ikgethang sa sephiri. 

Ha ngwanana a qala ho ya matsatsing, o behwa sebakeng se kgethehileng matsatsi a mmalwa. Ebe o fuwa mose wa letlalo (lebole) o kgabisitsweng ka mola wa dikonopo le ditjobo tsa letlalo, ho supang kgolo ya hae ho tloha bongwaneng ho ya bosading.

Hape o apara mose o bitswang ntepana, e leng mose o batlileng o tshwana le wa basadi ba nyetsweng o apesang kamorao. Jwaloka mose o aparwang kapele, le oona o kgabisitswe ka dikonopo feela le difaha se folletsweng tse tshwanang le tse meseng ya basadi ba nyetsweng e aparwang kamorao. Lebollo le tsamaiswa ke mofumahadi e moholo wa morena, bommê ba baholo le banana ba bolotseng.

Mosebetsi ona o kenyeletsa ho kutwa ha moriri, moo moriri o bopehileng jwaloka setulo sa baesekele (tlhotshwana) mme o tshaswe ka mosidi le mafura, ha difahleho tsa bona di tlotswa ka mafura le letsoku. Banana ba fuwa mese ya letlalo ke bommê ba bona eo ba e aparang le ntepana. Matswele a bona ha a apeswe, diphaka tsa bona di tlanngwe ka maseka a jwang (ditokwa) mme ba rwala difaha (mathala) melaleng ya bona. 

Kamora ho kena lebollong, bale ba qeta kgwedi mophatong moo ba rutwang ka tsa thobalano le ho hlokomela lelapa. Ba etsa ho kang ho bolotswa ha bashemane le ho tamollwa ha dinama tse bonojwana tsa ditho tsa sesadi.

Mokgahlelo ona o na le dikarolo moo ho binwang bosiu le ho tjekwa moo ho tiiswang dikamano pakeng tsa bale. Ba rutwa ho etsa popi e thusang ka pelehi (gimwane kapa popenyane) hammoho le meseme ya jwang (legolo) le ho kgabisa dinkgo (mogope). Pheletsong ya lebollo, banana ba bitswa boramaswaile, mme ba tshaswa ka molora pele ba leba lapeng moo ba fuwang lebitso la kgarebe.

Bashemane Ba BaNtwana

©Dr Peter Magubane

Lebollo la bashemane ba BaNtwana, - jwaloka ka la banana - le supa ho hola ha bona le ho ba lokisetsa seabo sa bona sa kamoso setjhabeng. Bashemane ba sa tswa bolla ba apeswa diaparo tsa basadi mme moriri wa bona o kutwa jwaloka wa banana ba sa tswa bolla jwaloka setulo sa baesekele.

Mathekeng a bona ba tlamilwe ka difaha tse folletsweng jwang tse mmala o mosweu, o mofubedu le botsho kapa o moputswa, ho latele o pinki ka tatelano - ho tshwana le mebala e aparwang ke basadi ba bolotseng le ba nyetsweng ka bobedi. Kamora lebollo, banna ba BaNtwana ba tlosa matshwao ohle a bong bo habedi mme ba kena mesebetsing ya bona e qaqileng setjhabeng.  

Translated by Maletsatsi Sejake