Marabou Stork
Mokotatsie

© Shem Compion
Marabou Stork.

Lebitso

Mokotatsie [Leptoptilos crumeniferus]

Tjhadimeho

Leptoptilos crumeniferus ke nonyana e sa tlwaelehang, e kgolo. Ha o bala maoto a teng a masapo a fatilweng, mokotatsie o na le masapo a menwana e fatilwang. Nonyaneng e kgolo tjena, ena ke ntlha e bohlokwa hore e kgone ho fofa. Mekotatsie ya Aforika e na le sepane sa mapheo a dimetara tse 2.6 ka bophahamo ba dimetara tse 1.5, Mokotatsie o lefatla. Tse tona e ka bonwa ka kgetsi wa moya e kgolo. Hape, tse tona di kgolohadi ebile di telele ho feta tse tshehadi. Ke nonyana e kgolohadi ka mmele o boima le molomo o moholo seka khouno. Tse tshehadi le tse tona di a tshwana ke mmala. E mmala o lerootho ebile e na le matheba a mafubedu ka maoto a melele a matsho. E boputswa hodimo mmeleng empa e tshweu ka dimpeng.
Mekotatsie e metjha e na le mmala o tshwanang le wat se hodileng empa mmala wa yona o lerootho. Dinonyane tse ditjha di na le boya hloohong empa ha e ebe le masiba a matsho ho fihlela a na le dilemo tse tharo. Ha a le dilemo tse nne masiba a qetella ho hola. Masiba a mohatleng a masweu a bonolo a tsejwa a le marabou. Molaleng le hlohong ha o na masiba. Mokotatsie o na le kgetsi e lelele e kgubedu molaleng. Kgetsi ena e sebediswa ho kgahlisa mekotatsie e tsehadi. Kgetsi ena e disentimetara tse 18e pinki e bonahala haholo ha nako ya kemolo e atamela. Kgetsi ena e hokana le lesoba la nko le leqeleng ebile e thusa nonyana ena ho etsa modumo o makgerehlwa. Ha o thotse, mokotatsie o tla etsa modumo ka molomo wa teng ha o tshoketswe.

Dijo

Hangata di atisa ho ja lefifi le masala a diphoofolo tse ding. Le ha ho se hantle ho batho, empa boitshwaro bona bo bohlokwa tlhahong le lehaeng la teng; di tlosa masapo le ditopo, mokotatsie o thusa ka ho phema mahloko a ka ba teng. Mokotatsie ke nonyana e jang masalla a diphoofolo tse ding, di ka ja masetlaoka, diflaminko le dinonyana tse nyane le dinyantshi ebile le ditshila tsa batho le ditlou tsa shweleng. Di ja sefifi le manong le mafiritshwane.

Tswalo

Mokotatsie o tswala hodimo difateng, moo o ahang dihlaha tse kgolo. Jwalo ka mokotatsie o mosweu (Ciconia ciconia) di rata ho phela haufi le batho. Ha di na le dilemo tse nne, ke hona di ka tswalang ebile di atisa ho kemola bophelo bohle. Ke mofuta wa nonyana oo tswalang mmoho le mekotatsie e meng, sehlaa sa yona se seholo se sephara ebile se etsitswe ka dithupana le mahlaku a matala. Hangata ho behwa mahe a mabedi kapa a mararo sehla se ommeng. O motona le motshehadi e a phuama, madinyane a qhotsa ka morao ha matsatsi a 30. Madinyane a hloka ho sireletswa ha a qhotsa. O motona le o motshehadi e hlokomela ebile e fepa madinyane. Madinyane a ithuta ho fofa ha a na le dikgwedi tse 3 kapa tse 4.

Boitshwaro

Mekotatsie e rata ha jwang bo tjha. E ya ka pele e be e nka diphoofolo tse balehang. E fofa ka mokgwa o hlabosang ebile e phela hangata e le nngwe kapa mehlapeng. Mehlape e moholo e ka bonwa haufi le moo dijo di le teng, ha di falla kapa ka sehla sa kemolo. Jwalo ka lenong, mokotatsie o ithoma moomong le maotong. Ho a tsejwa hore ditshila tsa yona di na le mokedikedi wa tshitisi ebile hona ho jwalo mokotatsieng, leha lebaka la lona ho etsa tjena ho fapane. Ketso ena e thusa feela ho laola themperetjhara ya mmele, ebile e etsa seka nonyana ena e na le maoto a matle a malelele.

Jwalo ka dinonyana tse ding mokotatsie o hema haholo ha ho tjhesa, hape ketso ena ke ho theosa themperetjhara ya mmele. Dinonyana tse di botswa ebile di atisa hoe ma feela di sa tsamaye, empa ha di fofa di a hlabosa, di sebedisa moya o tjhesang o yang hodimo ho dithusa ho fofa. HA di fofe sebaka se kgutshwane hantle. Jwalo ka mekotatsie e meng e fofa ka maoto a ona a malelele a le ka morao, empa di fapane le botswala ba yona ha e fofa ka melala e katetswe ebile e kobehile seka tlaku ya S; ketso ena e thusa hore molomo o se ka wa imela mokotatsie ha o fofa.

Lehae

Metsing le dibaka tse batlileng ho oma. O atisa ho phela haufi le metse ya batho moo ba tshwasang dihlapi le qubung ya ditsila.

O fumanwa kae

Aforika borwa ho Sahara.