Lebollo la Bapedi ba Batshehadi

© Dr Peter Magubane

Lebollo la ba Batshehadi

Ka letsatsi leo ho fedileng mokgahlelo wa bogwera lebollong la ba batona, ho qala byale (lebollo la banana). Ke banana ba etseditsweng mokete wa botjha feela ba kgonang ho ya lebollong. Ka thuso ya bommê ba seng ba hodile, lebollo la banana le laolwa ke mofumahadi e moholo wa morena le hoja morena a na le boikarabelo le bolaodi ba byale o ne a sa kene ka kotloloho.

Banana ba ne ba bitsetswa moreneng ka phala ya ntwa (phalafala). Ba ne ba etellwa pele sebakeng se ikgethileng sa sephiri naheng moo moriri wa bona o neng o kutwa kaofela. Bommê ba bona ba ne ba ba fa mese e ikgethileng ya letlalo (kgakgo) eo ba neng ba e apara kapele, ho kopanngwa le mose o aparwang kamorao (nthepana). Hape ba ne ba apara mose wa sefuba  feela (gentswana kapa nyebelese).

Mofuta ona wa ho kopanngwa ha mose o ne o qale ka baromuwa ba bophirima empa o se o fetohile seaparo se ikamahanyang le setso. Mmele ya bona e ne e tlotswa ka motswako wa letsoku le mafura, kamora moo ba rwalle patsi mme ba kgutlele kgorong bosiung boo. Pele letsatsi le tjhaba, ba ne ba fodiswa mola ho ya ka ho hlahlamana ha bona mme ba phekolwa ka meriana e ba sireletsang.

Sena se ne se hlahlangwa ke ho shapuwa ka thupa ho ya ka ho hlahlamana ha bona, pele ba mathisetswa naheng. Sebakeng sa sephiri ho ne ho ba le dipontsho tsa ho bolotswa ka tsela e tshosang e tshwanang le eo bashemane ba fetileng ho yona. Banana ba tla iswa mophatong moo ba dulang sephiring nako ya kgwedi kaofela. Ka nako ena ba fuwa ditaelo tsa semolao ka boikarabelo le mesebetsi ya basadi.

Ba ne ba rutwa ho hlompha banna kaofela, haholoholo morena, ba fuwa ditaelo ka tsa thobalano le diteko tsa ho bo le mamello. Ho bina le ho tjeka di ne di na le seabo sa bohlokwa ho byale le moropa o ikgethang, o neng bolokwa moreneng, o neng o sebedisetswa ona mosebetsi ona.

Kamora Nqalo ya Sephiri

Kamora sephiri, banana ba ne ba hlapa le ho ba le seabo mesebetsing e itseng ya moetlo ebe ba dumellwa ho kgutlela hae. Nakong tsa boholoholo maoto a bona a ne a tlangwa mmoho mangweleng mme mmele ya banana e ne e apeswa ka meseme ho tloha molaleng ho fihlela maqaqailaneng. Ba ne ba lokela ho dula ba le boemong bona ba ho hola dikgwedi tse robong kaofela, kapa ho fihlela ho kotutswe. Morao tjena nako ena e se e kgutsufaditswe e le hore ba be le nako ya sekolo sa sejwalejwale.

Nako eo kaofela, bale ba thusa bommê ba bona ka mesebetsi ya lapeng mme ba lo robala tlung e ikgethang bosiu e bitswang thupantlo e neng e ahwa kamora matlo a kgoro e nngwe le e nngwe. Mona ke moo thuto ya bona e ntseng e tswela pele ka mokgwa wa dipina tse ikgethileng tsa lebollo le ka phetapheto e tshwanang. 

Ha byale e fela, bale ba dudiswa naheng ba inotshi matsatsi a ka bang 10 ha ba ntse ba rutwa diphiri tsa lebollo (dikomana). Bale ba ne ba kenyeletswa sehlotshwaneng, moo moetapele wa bona e neng e le bale e moholo ho bona. Moriri wa bona o ne o kutwa hape ebe ba a hlapa, kamora moo ba tshaswe ka mafura le letsoku. 

Ba ne ba leba kgorong ya boreneng, moo ba neng ba dula matsatsi a mabedi teng. Ka nako ena yohle ngwanana ya bolotseng o bitswa sealoga. Hang ha nako ena e fetile, ba ne ba hlapela nokeng lekgetlo la ho qetela. Batswadi ba bona ba ne ba ba fa diaparo tse ntjha tse neng di kenyeletsa mose o marapo o aparwang kapele ke banana ba so nyalwe, mme kamorao e be mose wa basadi ba nyetsweng o fihlang maqaqailaneng (nthepa). Ba ne ba apara mose o moleletsana wa sefuba feela (hempe kapa nyebelese).

Ba ne ba fetola moriri wa bona ho ba letlopo, moo moriri o neng o phaphathwa ka hodima hlooho mme mahlakore le kamorao o kutuwe. Hona e ne e le tsela eo moriri wa mosadi ya ka nyalwang le ba nyetsweng o neng o ba kateng letsatsi le letsatsi, empa ho sebediswa ha oona hona jwale e ne e le ka nako ya lebollo feela. Ngwanana ya bolotseng jwale o bitswa mothepa, e leng boemo bo lebisang mokgahlelong wa ho bolla ka ho phethahala (kgarebe). Kamora mona ngwanana o ne a ka nyalwa. 

Banana ba Bapedi ba feta maemong a ho hola le ho amohelwa setjhabeng: lesea, ngwanana, lethisa, morwetsana, bale, kgarebe, ngwanana ya bolotseng. Le ha ho le jwalo, ngwana e motshehadi o ne a fumana boemo ba ho ba mosadi ha feela a se a nyetswe ebile a bile le ngwana wa hae wa pele.

Translated by Maletsatsi Sejake