Lala Palm
Molala

© Roger de la Harpe

Lebitso

Molala (Lala Palm Tree)

Lebitso la Selatini

Hyphaene coriacea

Tlhaloso

Lapeng ba e bitsa Molala,se seholo mme se hola ho fihla boleleng ba dimitara tse 5-7, empa ka nako e nngwe ho fihla dimitareng tse 15, ka dikutu e le nngwe kapa tse ngata, ka ho ruruha ho fihla halofong ya kutu. Sefate se fumaneha tlaase mabopong a moru, hangata seeme se pharalletse. Makgasi a bopehile jwalo ka fene ebile a maputswa bo botala. Tholwana e boholo ba bolo ya tense, di butswa ka mmala o motala hoy a ho lamunu le bosootho bo phatsimang. Lera le lesesane le monate, la tatso ya gemere, le bonolo la poreimae potapotileng pete. Ditholwana di hlahiswa ka bongata bo boholo, ho fihlela hot se 2000sefateng se le seng, mme sefate ka seng se nka dilemo tse pedi ho hola ka ho phethahala le tse pedi ho feta ho wa.

Ditholwana

Ditholwana ka ho hong e ba ho ya ka sebaka sa selehae, empa ka kakaretso ditala bo kganyang ho ya lamunung e kganyang qalong, e be sootho ha e ntse e hola, ha se hangata e tshwanang le sebopeho sap ere, e bolele ba bonyane dimilimitara tse 60-80 didaemetheng ka monko monate o hlahelletseng. Kgetla e kantle e matla e ya phatsima. Ka hare e bonolo e ya jewa ke poreima e nang le pete e le nngwe. Peo e thata e bontsha meroho ya ivory, e nale mokoti mahareng. Tholwana e nka dilemo tse pedi pele e hola ka ho phethahala e be enke dilemo tse pedi pele e wa sefateng.

Tshebediso

Presente ya lebese tholwana e nyane e tshwanang le ya lebese la coconut ka tatso le ka mmala. Ditlou di ja makgasi a matjha ka tabatabelo e kgolo, a ya ramotseha fatshe mme a nale tatso e monate ya coconut. Moqhaka wa pelo o jewa jwalo ka moroho ebile etsebahala haholo Delta ele gau. Poreima ya tholwana e tshwana le borotho ba gemere. O tlosa poreima, mme lera le thata le otlwa ka lehlaka. Poreima e monate e jewa ke ditlou le ditshwene. Poreima e sebediswa haholo e le mohlodi wa veini mme ka bomadimabe batho a shwa ke ditlamorao.
Sefate se potlaka ho amahana le tse ding. Di ka fumanwa di entse serobe ka tlasa lekgasi. Dinonyana di sireleta mahe ka tsela e ikgethang hore a sewe sefateng, di sebedisa mathe a tsona a kgomarelang. Khenele e thata e tshweu e bontsha lekeno la moroho wa ivory ya Borwa ba America, mme di nyane haholo ho kaba moruo o bohlokwa ke ka hoo di sebediwang ele ditshwantso tse kgabisang.

Moo di fumanehang

Zimbabwe, Angola, Botswana, Leboya la Transvaal le Namibia.

Dintlha tsa tshimo

E tsebahala jwalo Vegetable Ivory Palm hobane e thata, ke pete ya ivory e tshweu ka tjhebahalo. Di pete di qhalakana haholo ka baka la ditlou tse di nkelang seretseng.