Karohano tsa bong hara Morabe wa maNdebele

© Dr Peter Magubane

Maikutlo a Matla a Patriarchal

Boitshwaro le ditlwaelo tsa bapatriareka ba matla di bonahala dichabeng tsa Ndebele. Ho feta dihlopha tse ding tse ngata, banna ba Ndzunza - haholo-holo ba seholo-ba tswelapele ho sebedisa sethepu. Matla le bolaodi ba bapatriareka di na le ntho e itseng nakong eo batho bana ba e sebedisang e le bahwebi mesebetsing ya matlo a masweu. Ditlhoko tsa mosebetsi wa malapa di ne di kenngwa ka hlooho ya monna, e leng se ileng sa matlafatsa matla a hae.

Ha banna ba bangata ba tloha masimong a masweu, ba ile ba qala dikgwebo tsa bona e le bakganni ba dikoloi kapa dihahi, ho fapana le ho sebetsa merafong kapa indastering jwalokaha baahelani ba bona ba Pedi ba ile ba e etsa ka dilemo tse ngata.

Basadi ba KwaNdebele ba tla sebeletsa ka nako e telele e le basebeletsi ba malapeng Pretoria mme ba kgutlele hae ho ya haha malapa le ho hlokomela bana ha ba ntse ba tshehetswa ke banna ba bona.

Ho etsa le ho rekisa di-beadwork, matlwana, dipopi le mesebetsi e meng ya mesebetsi ya matsoho di boetse di fane ka basadi ba bang ba Ndebele ba nang le boiphediso bo ikemetseng - bao e seng ba tummeng ka makgetlo a mabedi jwaloka Esther Mahlangu, le ba nang le ditakatso tse fatshe.

Translated by Sebongile Sonopo