Hartmann's Mountain Zebra

© Peter Delaney

Lebitso

Hartmann's Mountain Zebra (Equus zebra hartmannae)

Tjhebahalo

Ha hona phapang e kaalo ho tse tona le tse tshehadi, ntle le hore tse tona di kgolo ho feta tse tshehadi ka dikilogram tse 298, papisong le dikilogram tse 276 tsa tse tshehadi. Tse tona tse ka hodimo ho dilemo tse 6 di boima ba hofihla ho dikilogram tse 343. Tse tona di bolelel ba 1.5 mahetleng, ka mohatla wa bolelele ba di milimitara tse 500 le ditsebe tsa bolelele ba dimilimitara tse 280. Hore e kgone ho ikamahanya le sebaka se majwe ditlhako tsa yona di hola ka pele haholo. Phapang pakeng tsa yona le Cape Mountain Zebra ke boholo feela, tsa ho qetela di nyane. Boholo mela e kganyang ya Hartmann’s Zebra e metenya ho feta ta Cape Mountain Zebra.

Dijo

Jwalo ka tse ding, e fula jwang mme e qeta letsheare lohle e ntse e fula. Ho fula ha yona ho ya ka moo sebaka seo e fulang ho sona se leng ka teng, ka nako e nngwe o tla fumana e entse tsela e matswedintsweke.

Tswalo

Ha e tswale ka nako e itseng madinyane a ka hlaha nako e nngwe le nngwe selemong, le ha di rata ho kgetha haholo hlabula. E hlaha ka boima dikilomitara tse 25. Boimana bo nka kgwedi tse 12. Ledinyane le nale monyetla o moholo wa ho phela hobane tse kgolo mohlapeng di ya di tshireletsa kgahlano le dira. E tona e holela thobalano ka dilemo tse 3.

Boitshwaro

Ka hare ho tsona ho nale dihlopha tse pedi tse ikgethang, mohlape o tswalang le wa masowa. Mohlape wa tse tswalang o nale poho e le nngwe le madinyane a mangata, mehlape e bewa ka tatellano.

Bodulo

Hartmann's mountain zebra di nketswe dithabeng tse majwe tse dilomong, moo mohlape o tshepetseng metsing a sa feleng le jwang bo fapafapaneng le furu bakeng sa ho fula nako e telele.

Moo di fumanehang

E fumaneha mabatoweng a ommeng a Bophirimela ho Namibia, e bile e tletse le Angola. Maqhama a ile a kgaoha ho tswa profinsing ya Kunene borwa le Bophirima jwalo ka ha ho bontshitswe mmapeng. Ha jwale bongata ba tsona bo ka fihla ho 13 000.

Sedikadikwe sa bophelo

Nako ya dijo tse tiileng - Kgwedi tse 10
Kgolo thobalanong - Dilemo tse 2
Nako ya ho phela - Bonyane dilemo tse 25
Maemo - Hartmann's Mountain Zebra e wela tlasa tse kotsing, bobedi le E.z. hartmannae le E.z. zbra di wela tla tlhophiso e le nngwe.

Ntlha tsa tshimu

Ho nale mola o tiileng haholo wa monahano ka dipuisano tse ding tse reng Cape Mountain Zebra le Hartmann's Mountain Zebra di lokelwa ho arohanywa ka baka la bodulo ba tsona bo fapaneng, empa diphatsa tsa lefutso paka hore bobedi bona bo atamelane hahlo.