Grey Plover
Patapetaputswa

Lebitso

Patapetaputswa

Lebitso la Selatin

Pluvialis squatarola

Lehae

E bonwa e le nngwe kapa mehlapeng e mabopong, lewatleng moo ho se nang phoofolo tse ding, mehlomong le naha ka hare.

Bolelele

Disentimetara tse 30

Phallo

E le mofalli wa lehlabula o tlohang Palaeartic ho ya ho mekgwabong e letswai, seretseng le matshanatswaing. Mabopong a bophirimela a futumetseng, e atisa ho dula moo mariha ohle.

Tswalo

Patapetwaputswa ha e tswale Kapa borwa kapa bophirimela.

Tjhadimeho ya tse hodileng

Sebopeho, phahla e hodimo le molomo o mokgutswane le maoto a malele, e kgetholla patapetapotswa ho dinonyana tse ding tse tsamayang metsing. Masiba a lehlabula dimpeng a matshtsho ho tloha seledung ho ya dimpeng, ka moreto e bophara o mosweu; mokokotlo o motsho hore matheba a masweu a hlahelle. Matheba a matsho a hlha pele sefubeng le dimpeng.

Maemo

E atisa ho halha ka lehlabula, a le mmalwa selemo sohle.

Pokello

O teng lebopong le ka borwa le bophirimela ba Kapa.