Eland
Phofu

© Nigel Dennis

Lebitso

Phofu (Taurotragus oryx)

Tjhebabalo

Tse tona di hola ka bolelele ba dimilimitara tse 1.7 mohatleng,boima ba dikilogramo tse 900. Ntle le boima ba mmele, Elend di bobebe haholo dipoho tse kgolo di ka tlola difense tse lekaneng ha bobebe di na le lekuka mahetleng letlalo le bohlokwa le molaleng. Manaka a tsona ka bobedi ‘tse tona le tse tshehadi’ a masesane, a morao. Bolelele ba ona ke mitara. Tse tshehadi di nyane ka boima ba dikilogramo tse 450, tse tona di na le dibato tsa moriri o motsho matleng tse patang letlalo le hlobolang. Tse tshehadi le tse tona dina le letlalo le sootho, dina le mela e mesweu mahlakoreng, e leng se ikgethang ka Eland.

Dijo

Ke ditsumi e sebedisa monyetla dimeleng tse ikgethang, eka dula nako e telele ka ntle ho metsi, empa e tshepela ditholwaneng tsa tsona tsa Tsamas le GemsbokCucumbers ho fihlala diphihleng tsa yona tsa metsi.

Boitshwaro

Enngwe ya ditshobotsi tse ikgethang ka mohlapi wa Eland ho kenyellwetsa hore bo mme ba tsona bahlokomela bana. Ha e hlaselwa ke tse ding e etsa tshireletso ya mola ka tse tona tse kgolo, di tshireleditse tsenyane le baimana, esale mohlape wa Eland o falla o batlana le ho fula ho hotle. Dipoho ha di tshireletse sebaka satsona, le ha hole jwalo di bontsha lerato le tlhokomelo dikgomong ha ditlo tswala.

Bodulo

E rata baka tse fapaneng ho tlowa ho mahwatata, sebaka sa jwang ho ya merung e menyane Bophirima ba orange river, le morung ya kwazulu natal. Eland e mafolofolo bosiu ditholwana tseo e dijang bosiu di fana ka metsi bakeng sa matsa a maholo a dulang moo hosenang metsi.

Moo Difumanehang

Eland e hlahella haholo di papading tsa pokello Afrika Borwa, dibakeng tseo e neng e tsamaya ho tsona tsa iphella, tsa tliswa botjha ka katleho e kgolo.

Dira

Eland tse kgolo di tsongwa ke ditau, ke diphiri tse nyane tse weleng diphofung di jewake dinkwe, mangau le dintja tse hlaha.