Dikeletso ta ho Fepa Dikgoho

© Chris Daly

Ho fepa ke e nngwe ya diketsahalo tse monate ho bo rapolasi ba bangata, ka nako tse ding tlhahiso e ballwa ka hodimo ho 50% ya tshenyehelo. Le ha hole jwalo ho nale mekgwa e seng mekae ya ho boloka ditshenyehelo mme o etsa boholo ba seo o nang le sona.

Ho Hola Disebediswa

©Chris Daly
Ho reka dijo tse nyane ho motho ya mahareng ho ka o nyollela ditshenyehelo. Ho hlola bothata bona, Dr Charlotte Nkuna wa South African Poultry Association o ile a tla ka leano la koranta ya Farmer’s Weekly eo borapolasi ba hlokang ditshebediso le ho reka kenyeletso, tse kang ditsuonyane, dijo, ente le mealo, ka bongata ka ho otloha ho tswa ho barekisi ba kang ba fehlang dijo kapa ba qhotsisang. Sena se kase dule se etsahala ha bo rapolasi ba arohane ka dibaka, empa borapolasi ba ka boisana mmoho ba tla ditharollo phepetsong ena.

Ho Balehela Phepo e Mpe

Ha o reka dijo, etsa bonnete ba hore o reka ho tswa ho bahlahisi ba nang le setumo se setle. Bothata ka phepo e tlaase ke hore e qetella e le phepo mpe mme e isa tlhahisong e fokolang ya kgolo le hore dinonyana di pepesehe di kokwaneng. Dijo tsa kgale le tsona di ka lebisa ho mefuta e itseng ya mahloko.

Hantle dijo dihloka ho ba maemong a phahameng tse tobaneng le tlhoko ya diphoofolo tsa hao. Difo tsa ditsuonyana, mohlala, di lokela ho ba le matla a mangata le protein bakeng sa ho behela, hobane ditsuonyane di hloka ho ba le mmele o moholo kapele ho feta. Jwale ke eng e ntle ka dijo tse nang le boleng?

Dijo di lokela ho sebe le tjhefu le dintho tse kotsi.
Di lokela ho ba foreshe mme di sebe le ho bola. Ha di ya lokela ho nkga hamper kapa di lokela ho shebeha di le foreshe.
Di hloka ho etswa ka disebediswa tsa maemo a matle.
Dihlahiswa di lokelaho tswana mme di fapane ho tloha ka betjhe e nngwe ho ya ho enngwe.
Di lokela ho ba le nomoro ya betjhe, nako eo di hlahisitsweng ka yona le le dinomoro moo tla kgutlelang teng e bang dintho di satsamaye hantle.

Poloko e Nepahetseng

©Chris Daly

Tsela e nepahetseng ya ho boloka le tshireletsa ya boleng ba dijo. Ha dijo di tsofala dilahlehelwa ke boleng ba phepo ho bolelang ho re ha dinonyana di fumana dijo tse ngata bakeng sa ho boloka matla a tsona ho hlokeha dijo tse nang le boleng di sebediswa. Dijo tse senang boleng le tsona di nyolla kotsi ya mafu. Lefatse la dikgoho di nale poloko e latelang:

Dijo dilokela ho bolokwa di omme, di phodile, moo ho senang letsatsi le sebakeng se nang le moya o lekaneng.
Di lokela hosireletswa kgathlano le diboko le dikokonyana tse ding, e seng feela ho sireletsa tahlehelo ya dijo, empa hape hobane dikokonyana tsa mahloko di ka pepesetswa dijo.
Dijo di lokela ho se bewe fatshe, ho sireletsa mongobo o fatshe.
Di loekela hobolokwa hole dikhemikhale le dithetefatsi.
Di lokela ho bolokwa ka koqeng, mme di lokelwaho hlwekiswa pele ho kenywa dijo tse ntjha.
Sebaka sa poloko se lokelwa ho dula se hlwekile.

Etsa ya Hao

©Chris Daly

Ebang o na le phihlello ya disebediswa tsa boleng tse kang, poone, soya, dijo tsa ditlhapi, koro le sanebolomo, o ka hlahiso dijo tseo e eleng tsa hao. Kopa rabophelo wa diphoofolo ho o thusa ho iketsetsa tekatekano e nepahetseng ya dijo e tla fana ka phepo e ntle dikgohong tsa hao ka maemo a fapaneng a tlhahiso.

Sengolweng sa Poultrysite.com, Grobbelaar wa Dumela Poultry Solutions o nale dikeletso tse latelang bakeng sa borapolasi ba sa kgoneng ho reka dijo. Pele, ba ka hlahisa diboko tse fofang ho fepa dikgoho. Sena seka etsahala ka ho boleoka beha dijo tse bodileng, jwalo khabetjhe ka hara lebakete le ntshitsweng palong.

Dijo tsebodileng di tlabitsa ditshintsi, mme di behele mahe ho tsona. Mokoti o lokelwa ho etswa ka fatshe ho lebakete, mme diboko di tla fatshe lebaketeng di tswe masobeng. Lebakete le leng le ka bewa kafatshe ho tlhahiso ya diboko ho amohela tse ding.

Mokgwa o mong wa bobedi ke ho kotula bohlwa. Bakeng sa tlhahiso ya nako e telele, Grobbelaar o ruta bo rapolasi ho tlosa feela karolo ya sehlaha sa bohlwa ka ho etsa mokoti ho yona. Mokoti o apeswa ka kgalase e ommeng ho potlakisa tokiso ya sehlaha. Ho nka dikgwedi tse robong pele sehlaha se ka kotulwa hape.

Mokgwa o mong ke ho fana ka phofo e bodileng e seng e sa lokela batho e ka jowa ke dikgoho. Le ha e ena le kotsi ya mafu, sena se theola ho tsoma ha dikgoho jwalo ka ha hole boima ho feta dikgoho tsa jwale tsa thekiso le ho kgona ho ja le dijo tse ding tse babang.

Translated by Sebongile Sonopo