Basadi ke bona sesupo le seipone sa mekgwa e sa fetoheng ya BaNtwana.Meaparo ya bona, dihlahiswa tsa bona le mesebetsi ya bohlokwa eo ba e etsang e thatiselletsa seabo sa bona jwaloka basireletsi ba moetlo le ho phahamisa moruo wa mahaeng nakong tsa sejwalejwale le bosiyong ba banna ba bona, bao boholo ba bona ba kwentsweng ke mokgwa wa mosebetsi wa bojaki.
Ka ho lekolwa ho batsi ha morabe ona ho ntse ho bontsha, boitsebiso ba morabe ona le setjhaba sa moetlo bo matahane haholo le nalane ya kgale le ya morao tjena ya Afrika Borwa.
Le ha mese e aparwang kapele ke bommê (thetho) ba BaNtwana le ba Bapedi e tshwana, e fapana ka mekgabiso. Mese e sa tshwaneng le ya Bapedi e entsweng ka letlalo la phoofolo le phatsitsweng ka matshwao a sekere, tjhebahalo ya mese ya BaNtwana hangata e boreledi ntle le ditema tsa mekgabiso e tshwanang.
Mese ena e entsweng ka letlalo la podi kapa la kgomo,e supa boemo ba bohlokwa bophelong ba mosadi wa MoNtwana: boemo ba hae ba lenyalo le kamohelo ya hae jwaloka mosadi ya hodileng setjhabeng.
Mose o kapele o kgabisitswe hanyane; mme mokgabiso o hlahellang haholo ke sehlora (mohatla wa lesamane): mokgabiso o kang palesa e nyane e nang le didikadikwe tse potapotaneng tse bohare bo le bong tseo hangata di kgabisitsweng ka difaha tse tshweu kathoko, tse ntsho kapa tse putswa didikadikweng tse dipakeng, le tse kgubedu le tse tshweu bohareng. Sehlora se bonahala se le bohlokwa haholo setjhabeng sa BaNtwana ka ha se hlahella hangata diaparong tsa botjhaba mme se rwalwa le hloohong.
Mose o aparwang kamorao ke basadi ba BaNtwana o bopehile ke sekgeo sa tlhaku ya V e tonamisitsweng ke mameno a mabedi a tjhorileng a letlalo (lekobe). Ho Bapedi, sebopeho sena se hlaloswa ha se emetse setho sa sesadi empa barutehi ba BaNtwana ba dumela ha se emetse maoto a kamorao a podi.
Bobedi bona bo hlalosa kamano le pelehi ya basadi. Ho tsepamiswa ha maikutlo seabong sa basadi sa bohlokwa sa ho ba le bana ho bonahala ka sebopeho sa gimwane kapa popenyane - e leng popi ya pelehi a entsweng ka mokotla, boya le difaha. Bokgoni ba ho etsa popi ena bo fetisetswa ho moradi ke mmê wa hae.
Banana ba ba bapala papadi eo ekareng dipopi ke bana ba bahlankana ba bona, ba memelwang tlhodisanong ya motjeko, moo sephetho sa teng se tla supa moetapele wa sehlotshwana sa tjhatjha ena. Hangata bashanyana ba kgobokana lapeng labo e mong wa banana, ya tla fodisa e nngwe le e nngwe ya dipopi tsena tsa gimwane mola.
’Bommê’ le ‘bontate’ ba etsa mela e mmedi ka mahlakoreng ka bobedi a dipopi tsena ebe ba tjeka le balekane ba bona. Mohlodi, ha ho ahlotswe ke motswadi, o fuwa letlalo la nku jwaloka mohope wa tlholo. Hangata kamora moo, bashanyana ba etsa ekare ba a lwana e le ho netefatsa eo e leng moetapele ho bona.
Maseka a thekeng a mebalabala a dipoping tsa gimwane a hlophisitswe ho ya ka mebala ya botjhaba : mabanta a mabedi a ka hodimo a masweu, a hlahlangwe ke o mofubedu,o moputswa, o pinki mme ka nako tse ding o le mong o mosweu tlase.
Tlhophiso ena ya mebala e etsisa e aparwang ke banana ba sa tswa bolla le basadi ba nyetsweng ba BaNtwana mathekeng a bona. Mmala o mosweu, o mofubedu le o moputswa kapa o motsho ke e sebediswang ke BaNtwana ka lebaka la mefuta ya mobu (jwaloka mofuta o mofubedu), o dumelwang o na le matla a matla a fodisang.
Le ha popi ya pelehi ho se moo e buang ka thobalano, bong ba gimwane bo kgethollwa ke sebopeho sa mese ya tsona e kapele le e kamorao. Gimwane e tona e ka kgethollwa ke tsheya e kgutlonne-tsepa ha e tshehadi e bonahala ka mese ya sebopeho sa V e shebahalang jwaloka ntepana (mose o apesang kamorao) e aparwang ke mathisa a BaNtwana.
Matshwao ana a botjhaba a ntse a ya a fokotseha dipoping tsa gimwane, ha ho bapiswa le bongata ba mekgabiso e fumanwang dipoping tse hlahiswang morao tjena. Sena ke ka lebaka la hore popi ya gimwane ha e sa bapiswa le botjhaba. Ho se ho bakwa ke hore popi ya gimwane e se e theotswe boemo le ho etsetswa ho kgabisa mebarakeng ya ba basweu.
Translated by Maletsatsi Sejake