Winnie Mandela o ile a Thibelwa le Hlekefetswa

Ho Tshoswa ke Maponesa

©Eric Miller

Ka 196o le 1961 ho ileng ha tlisa Winnie ke tswalo ya moradi wa hae wa bobedi, Zindiswa le monnqa wa hae ho se fumanwe molato ha molekane wa hae qosong ya ho diya mmuso. E ne e le phela o ho kgutswane. Nelson o le aqobellwa ho ipata, ka mabaka ba ile ba lokela ho fetola matla a kamano ya bona. Jwale o ne a lokela ho kopana le molekane wa ha sebakeng se ikgethang, lokela ho ikamahantsha le ketsahalo tsa hae tsa sephiring a rata kapa a sa rate.

Ka 1961 Nelson o ile a fumanwa mme a tshwarwa. Ke ka nako ena moo aileng a tshwarwa dilemo tse 27. Ka monahano wahore Winnie o tla tswela pele ka mosebetsi wa monna o kgahlano le mmuso, seponesa se ile sa mo fa molao wa thibelo ka 1962. Ka tlasa molao ona wa thibelo Winnie o ile kwallwa johannesburg mme a thibelwa ho kena ditsing tsa thuto kapa kapa ho ba le kopano ya batho ba fetang ba babedi. Dikoranta di ne thibetswe ho phatlalatsa eng kapa eng a e buwang.

O ne a hlekefetswa ke maponesa a neng a leka ho mo tshosetsa ka tlhaselo tse sehloho tse siyang ntlo ya hae e lobokane. Winnie o hlalosa ka moo hlalosa ditlhaselo wa ka tsela ena: “…

busiung boo ha wa kokota ha tsohle ka wena di hotse. Ho boleng ditotjhe tse foufatsang di kganyetsa ka nako e le nngwe fesetereng ya ntloyahao pele monyako o rahwa. Ho bolela tokelo e otlolohileng ya makala a balebedi a lokelang ho balwa ntlong e nngwe le e nngwe. Ho bolelang hore ba tla pakolla buka shelofong e nngwe le e nngwe, ba phahamisa di mmete, ba sheba ka tlasa dibethe, ba tlosa bana materaseng ba sheba ka tlasa mealo.

Ba tlabe ba latswa ditswekete, phoofo le metswako yohle e dishelofong ka kitjheneng. Ba pakolla diphahlo tsohle khabotheng ya hao ba setjha pokoto e nngwe le e nngwe. Qetellong ho bolela hore o hapuwe tsatsi le tjhabile, o tlankuwa ho bana ba hao ka sheshe ba lla mme ba o hula ka mese, ba kopa monna wa lekgowa ba hula mme wa bona hore a mo tlohele.”

Taelo e kgolo ho kwallwa

©Eric Miller

Ka 1963 Mandela o ile a iswa ka tshohanyetso tjhankaneng ya Robben Island. Sena se ne sele boima bakeng sa Winnie. Bakeng sa hore a etele molekane wa hae o ne a lokela ho naka dikilomitara tse 1 400 ho tlowa Johannesburg ho ya Cape Town mme a nke sekepe se tsamayang dikilomitara tse 10 ho ya sehlekehlekeng. Ha a le moo o ne a lokela ho bona Nelson Mandela metsostso e 30, a eme ka lehlakoreng le leng la terata.

Molebedi o ema haufi haholo hore a utlwe mme ba ne ba loketse ho buwa senyesemane kapa seburu. Winnie o ile a utlwiswa bohloko ka di thibelo ka 1965. Ena e ne e mo kwalla hore tsamaya kae kapa kae kantle ho Orlando West. O ile a lokela ho tlohela mosebetsi wa hae wa bosebeletsi ba setjhaba mme a sokola ho fumana o mong hobane maponesa a ne tshosa batho bohle hore ba se mohire. Maponesa a ile a kena haholo le sekolong moo ba neng ba kena teng, hofihlela a ba isa ho ithuta dinaheng ya swaziland.

Translated by Sibongile Sonopo

Tshotleho ya Winnie Mandela e tswella pele

Kantle le taelo ya ho thibelwa e neng e laola motsamowo wa hae, Winnie o ile a nna a tswela pele ho lwantsha kgatello....more

Kgang e potapotileng Winnie Mandela

Ka morao hore Winnie a lokollwe tibelwa ka hare ho Brandfort o ile a dumellwa ho ya lapeng ka 1986....more