Welwitschia
Sefate sa Welwitschia

© Thomas Schoch

Lebitso

Sefate sa Welwitschia (Welwitschia Mirabilis)

Tlhahiso

‘Sena ha se hloke potso hore semela sena ke se setle haholo se kileng sa tliswa lefatsheng, mme se sebe ka ho fitisisa’. Ena e ne e le karabo ya Reius Keeper wa Royal Botanic Gardens, Kew, ka selemo sa 1963 ha ane a hlahisetswa semela sena.
Semela sena ha se ya tlwaeleha ho latela boholo ba sona, e tshwana le lerapo se hola ho ya pele se paqame fatshe bophelong ba sona kaofela, semela se seng le se seng se hlahisa feela makgasi a mabedi, seo tsamayong ya nako se qhalanang ka dikarolo tse ngata mme qetellong di fielwa ke moya. Khabone e bontsha ha ka makgelo a 14 sefate sena se seholohadi tse ding di feta dilemo tse 1500.

Tlhaloso

Ke semela se nang le botona le botshehadi ka kutu e kgutswane e methapo e holang e tshekaletse. Ka hodimo ho moo e hlaloswa e le ‘bizzarre’, ‘weird’ kapa ha se tshwane le dimela tseng lefatshe. E kgutswane e, e patsi, kutu ha ena makala e rwetse makgasi a mabedi a keng lerapo a holing hotswa kutung bophelo bohle ba yona, mme e sethehile e ikharile ka moloko o fetileng.
Lesoba le etsahala makaleng ka bobedi. Kutu ya patsi eka dilemo e etsa lesoba le fihlang mitareng la tisike kaofela, ho tlowa moo di holang di le nyane ka makala a tswileng a sebetsang e le lema peo dikhoung. Makala a ikatisa ka letlobo le hlahang haufi le makgasi. Di peo tse kgubedu tsa khounu, di bontsha tsea Ephedra, tse hlanhang ka dihlopha tse 2-3 lekaleng le leng le le leng.
Hangata ke peo e le nngwe feela e hlahang ka hare ho khounu e qhalanywa ke moya.

Ditshobotsi tsa tsa lekgasi

Ke makala a phetseng nako e telele haholo pusong ya dimela, di dula dile tala, karolo e le nngwe e holang ka boholo e paqame. Lekala le leholo le sa robeheng le boholo ba sentimitara tse 179. Lekala lena hantle ntle le bolelele ba metara tse 6 mme dimetara tse 3.5 ke karolwana tse nyane. Karolo e apesitseng lekala lena e etsa e phonyohe motjheso wa mobu boholo ba 65’C.
E etsa hore mobu o katlasa lekala o dule o phodile ebile o le mongobo. Makala a hola ka selemo ho fihla disentimitareng tse 13.8. Ka hoo semela seka ikatisa ho fihla dimitareng tse tse 150 le makgasi a a holang hofihla ho nako ya dilemo tse 1000. Makgasi a botenya ba disentimitara tse 1.4. Makgasi a lara hodima santa ho thibela kgoholeho ya moya.
Le ha difefo di ka hatella maemo makgasi a matenya a tenyetsehe a sa tlowe. Ho monyeha ha metsi ka nako e oho phunyehileng lesoba e nkuwa ele e kgahlang ka baka la hore makgasi a phonyoha. Lesoba le dula le bulehile hofihlela mohodi o phahame. Ha se tshwane difate tse ding lesoba le buleha ka tlasa maemo a mohodi mme kwala ha ho tjhesa.
Sena se netefatsa hore ha hona metsi fetolang mouwane nakong ya letsatsi le tjhesang.

Sebaka

Semela sena se tlwaelehile haholo lehwatateng Namib, e leng e nngwe ya mahwatata le tsofetseng ka ho fitisisa le nang le maemo a komello a otlolohelang karolong e Bophirima ba Namibia hoy a mabopong hodimo ho borwa Bophirima ba karolo ya Angola. Sebaka sena ha se fumane pula bakeng sa dilemo e funana feela dimilimitara tse 100 ka selemo.
Disampole tse ngata di fumaneha dikilomitara tse kabang 80 tsa mabopo ka lebanta la mohodi, moo maikutlo a reng mohodi ke mohlodi o bohlokwa wa mongobo. Makgasi a hola ka sekgahla sa dicentimitara tse 8-15 ka selemo semeleng se seholo, moo o tla fumana makgasi a boima ba mitara 1.8 le bolelele ba dimitara tse 6.2, e ba le dilemo tse 500-1000.
Ha ngata ditlhokomediso tse ngata di entsweng semeleng, mahwatateng a feela, dikilomitara tse 50 botjhabela ba Swakopmund le botjhabela Khan le noka ya Swakop.

Histori

Semela sa pele sa Welwitschia se fumanwe ke Austrian Friedrich Welwitsch ka 1860 wa mahwatata a Namib karolong e borwa ba Angola. Semela sena se rehelletswe ka Frriedrich e le ho ananela tswelopele ya diphuputso ya botanical le hobane e fumane le lata pele.

Dr Friedrich Welwitsch (1806-1872)

O hlahetse Autria moo a ileng a sebetsa nakwana ele mohlahlobi wa theaha. Ka mora nako a fofela Portugal moo a ileng a sebetsa jwalo ka sebetsa ka difate. Dilemo tse itseng a romellwa Angola ke mmuso wa mapotoketsi moo a ileng a fumana difate tse fetang 5000 nakong ya dilemo tse 12 tsa hae.
Tse ding tsa difate di ne dile ntjha sienseng ka nako eo mme dina le dintlha tse hlokolosi haholo. Ha a tloha Angola o ile a nka qeto ya dula London a dule haufi le Natural History Meseum le Royal Botanical Gardens. O sebeditse moo hofihlela a hlokahala ka 1872. Kamora lefu la hae mmuso wa Potugal oile wa isa boramolao ba tshwereng ditokomane tsa matlo a hae lekgotleng la dinyewe ba batla ho a nka.
Ka mora dilemo tse tharo tsa ntwa makgotleng, hoi le hwa fihlella qeto ya hore mmuso o fumane karolo ya pele ya ditokomane hatisitsweng le National History Museum ya fumaneha e le karolo ya bobedi. Dr Friedrich Welwitsch o boloketswe Kensa Green Cementy London. Lejwe la hae le kgabisitswe ka ho fatwa ha Welwitschia.

Dintlha tsa tshimo

Ho kilwe hwa nahanwa hore kokonyana e phetseng semeleng sa Welwitschia, se tsebahala jwalo ka Welwitschia bug, e ne e ikarabella ho tsamaiseng peo ya semela, empa sena haesale se qhelwa. Kokonyana ya Welwitschia ha se BEETLE jwalo ha ba bangata ba nahana, empa ke kokonyana ya nnet. E ja dijo e di amohileng sefate sa Welwitschia.