Warthog
Mokgesi

© Shem Compion

Lebitso

Mokgesi [Phacochoerus africanus]

Boitshwaro

Mekgesi ke phoofolo tse matjato motshehare ebile nako tsohle di batla dijo. Di fumanwa hangata e le malapa. Mekgesi e na le mokgwa o sa tlwaelehang wa ho kgumama ka mangole a ka pele ha e ja kapa e fula. E robala mekoting bosiu, moo e kenang ka mohatla pele. Setjhabeng, ho na le dihlopha tse tharo tseo re di teanang, e leng e tona e phelang e le meng, dihlopha tsa tse tona tse nyane le dihlopha tse renwang ke tse tshehadi.

Dihlopha tsena tse renwang ke mekgesi e metsehadi e na le e metshehadi le madinyane a yona. Mekgesi e metona ha e hodise madinyane ebile ha e ke e teana le mekgesi e tshehadi ha e se nako ya kemolo. E moferefere, yohle mekgesi e tona le e tshehadi e tla kemola le balekane ba bangata. Mekgesi e fumanwa hangata matsheng moo e epang mohlaka e nto pitika seretseng ka mafolofolo.

Lehae

Mekgesi e kgona ho phela hohle ha bonolo, leha mahae a yona a atisa ho ba merung ya savanneng.

E Fumanwa Kae

Mekgesi e fumanwa hohle ebile ha e tshabiswe Aforikaborwa. E phela ka boyona dipolasing hohle naheng, ebile e kgutlisitswe dibakeng moo e ileng ya fela teng. E fumanwa Zimbabwe, Botswana, Zabia le Tanzania. E phela merung e bulehileng haufi le matsha le mehlakeng hohle Kruger National Park.

Dibatana

Madinyane a ka nkuwa ke dintsu, phokojwe, ditau, mafiritshwane, magau le kwena e leng dira tsa mekgesi e hodileng.

Pokello tsa Bohlokwa

Lebitso la Selatin – Phacochoerus africanus
Bokalo (o motshehadi) – dikilogeramo tse 45 -70
Bokalo (o motona) – dikilogeramo tse 60 – 100
Nako ya ho tswala – dikgwedi tse 3
Palo ya madinyane ka tswalo – 1 – 8
Dilemo tsa ho kemola – dikgwedi tse 18
Bokalo ha di tswalwa – digeramo tse 600
Otara – Artiodactyla
Lelapa – Suidae
Lebelo la ho matha – dikilometara tse 40 ka hora
Manaka – meno a malelele a ka pele e ka eba disentimetara tse 25
Tswalo – Loetse – Tshitwe
Tlhaloso ya mohato – ditlhako di sesane ho feta tsa kolobemoru, dinala di hlahella mobung hantle.