Tree Squirrel
Mohlwathupa

© Shem Compion

Lebitso

Mohlwathupa (Paraxerus cepapi)

Tjhadimeho

Bolelele bohle ke dimilimetara tse 350, halofo ya bolelele bona ke mohatla wa ona. Mofuta ona o kala digeramo tse 200. Mmala wa boya o fapana ka hore e phela kae. Bophirimela, bakeng tse ommeng di atisa ho ba boputswa bo tshweunyana, tse bakeng tse botjhabela di atisa ho ba sootho. Hloho le maoto a mafubedu.

Mmala wa sefuba o ka ba tshehlana bakeng tse botjhabelo, empa ka bophirimela sefuba se atisa ho ba sesweu. Dimpa tsa mohlwathupa di atisa ho ba tsweu. Phoofolo tsena di matjato ebile di phataneha di tsamaya ka mehatla a lebile morao.

Dijo

E ja dimela ka mehla, empa ho tshwana le dikokoni tse ding di ka ja dikokwane. Mohlwathupa e sebedisa maoto a teng a ka pele ho tshwara dijo hae ntse e ja. E hasana ebile e bokella dipeo haufi le difate ka jwang, sena se thusa ka ho lema difate.

Tswalo

Dibakeng tse borwa, e tswala ka sehla. Kemolo e etsahala ka Phato. E tswala ledinyane le leng ho ya ho a mararo Mphalane ho ya ho Pudungwana, ka morao ha nako ya tswalo ya matsatsi a 56. Madinyane a kgweswa ha a ne le dibeke tse tsheletseng ebile e tsamaya sehlakeng to ya itjesa ha e na le matsatsi a 19.

Boitshwaro

Le ha e le phoofolo e atisang ho phela difateng, empa e hlola e ya fatshe ho fula. Ha e tshwenywa, mehlwathupae tla balehela difateng. Bosiung, malapa a hlommeng naha e robala mmoho mekoting e difateng. Madinyane e lokela kemolo ha a le dikgwedi tse tsheletseng ho ya tse robong, ka nako ena di tebellwa ke batswadi ba tsona.

E tona ke yona e sireletsang tse ding, empa e tshehadi e tla lelekisa ntsuyekgare ha e hlokometse madinyane. Ho phahamisa momahano ya mohlape, monkgo o tlwaelehileng o abelwa ka ho hlatswana, sena se ntlha e bohlokwa momahanong yamofuta ona wa phoofolo.

Lehae

E atisa ho dula masabasabaneng e fapaneng. E rata difate ka mekoti e ka kgona ho hloma sehlaka, ho tshwana le sefate sa mopane. Ha ho se na mekoti ya sehlaka difateng, e tla sebedisa mekoti fatshe.

E Fumanwa Kae

Kokoni ena e fella feela Aforikaborwa, e ka tswella masabasabaneng a North West, Limpopo le Mpumalanga, ho tswa moo e lebe Swaziland le Mozambique.

Pokello tsa Bohlokwa

Lebitso la Selatin – Paraxerus cepapi
Bokalo (e tshehadi) – digeramo tse 108 - 265
Bokalo (e tona) – digeramo tse 76 - 240
Bolelele (e tshehadi) – disentimetara tse 35
Bolelele (e tona) – disentimetara tse 35
Nako ya ho tswalwa – dikgwedi tse 2
Palo ya madinyane – namane e leng kapa tse tharo
Dilemo tsa ho tswala – dikgwedi tse 10
Bokalo ha e tswalwa – digeramo tse 10
Otara – Rodentia
Lelapa – Sciuridae
Tswalo – Ledinyane le leng kapa a mararo a tswalwa nako e nngwe le e nngwe ya selemo (haholoholo Mphalane – Mmesa. Nako ya ho tswala ke dibeke tse 8.

Tlhaloso ya Mohato

Leoto le ka pele le dsentimetara tse pedi, ha le ka morao le le disentimetara tse tharo.