Thepa e Kenang le e Tswang ka hara naha ya Nama ya Podi

© Gerrit dos Santos

Thepa e phelang ya dipodi e kenang Afrika Borwa e tlameha ho dumellana le tumello ya ho romela mehlape e tswang dinaheng tsa boahelani le mehato e hlwekileng ya Afrika Borwa. Ka morao, ho rekiswa ha dipodi tse phelang ho tlameha ho dumellana le tumello ya ho kena naheng e tswang ho yona.

Thepa e Kenang ya Dipodi Tse Phelang Afrika Borwa

Ho latela ditekanyetso tsa thepa e tswang ka hara naha ya Meat Board ya Namibia (Nammic) dipodi tse phelang tse ka tlase ho 140 000 di ne di romelwe Afrika Borwa ho tloha Namibia ka 2017 (ha di bapiswa le 158 000 ka 2016 le 198 000 ka 2015).

Ho fihlela ka Lwetse 2018, dipodi tse fetang 103 000 tsa Namibia di amohetswe Afrika Borwa mme hape ka 2018 ho ile ha fihla thepa ya dipodi tse phelang ho tloha Botswana. Leha ho le jwalo, ka dithibelo tsa lefu la bongaka dibakeng tse sa tshwaneng tsa Botswana, sebaka seo diphoofolo di rekilweng ho sona se lokela ho kgethwa ka hloko.

Dipodi di boetse di kenngwa ho tswa Swaziland - diphoofolo tse 39 ka 2018 (ha di bapiswa le diphoofolo tse 510 ka 2016) le Lesotho - diphoofolo tse 4280 ka 2018. Ke hoo e batlang e le halofo ya thepa e kenang (9 630) e tswang Lesotho ka 2016.

Thepa e Tswang ya Dipodi Tse Phelang ho tswa Afrika Borwa

Dipodi tse phelang di romelwa ho tloha Afrika Borwa ho ya dinaheng tse mmalwa tsa Afrika ho akarelletsa Namibia (34), Sudan (103), Senegal (38) le Swaziland (117). Dinaha tse ding tse nkileng thepa ka ntle ya dipodi tse phelang tsa Afrika Borwa ka 2018 di kenyelletsa Bangladesh (dipodi tse 15), Mauritius (1099) le Saudi Arabia (106).
Ditekanyo tsa ho rekiswa ka ntle ka 2018 di fihlile ka Lwetse.

Ntle le diphoofolo tse phelang, mahe a emodisitsweng le dihlahiswa tsa tlhaho di boetse di romelwa ho tloha Afrika Borwa.

Thepa e Kenang ya Nama ya Podi Afrika Borwa

Ho ya ka Department: Agriculture, Forestry and Fisheries (DAFF) Afrika Borwa e kenya haholo ditopo tsa podi tse ncha, tse phodileng kapa tse leqhwa; podi e ncha, e phodileng kapa e leqhwa e kgaotseng le masapo; le nama ya podi e se nang masapo e ncha, e phodileng kapa e leqhwa. Nakong ya 2007 ho ya ho 2016, Afrika Borwa e ile ya kenya 6 200 kg tsa chevon ka selemo ho fana ka karolelano ya R83 139 ka selemo.
Ka 2017, dithane tse 1.8 feela tsa nama ya pdii di ne di rometswe ho tloha Namibia. Ho fihlela ka Lwetse 2018, ha ho nama ya podi e ileng ya kenngwa Afrika Borwa.

Thepa e Tswang ya Nama ya Podi ho tswa Afrika Borwa

DAFF, tlalehong ya yona ‘A Profile Of The South African Goat Market Value Chain’ (2017) e itse Afrika Borwa e romela chevon ho dithane tse 43 tsa chelete e ka bang R2.7 milione ka 2016(R62/kg). Ena e ne e le keketseho ya 115% (boima) le 87% (ka chelete) ho tloha ka 2015 ho ya ho 2016.

Ho sa tsotellehe keketseho ya ho rekiswa ha nama ya podi ho tloha ka 2015 ho ya ho 2016, palo ya nama ya thepa e tswang dinaheng tse ding e theohile haholo ka 2018.

Ka 2016 palo ya dithane tse 43 tsa podi e tswang dinaheng tse ding e ile ya fokotseha ka mokgwa o tsotehang ho feta dithane tse fetang 1.2 ho fihlela ka Lwetse 2018. Sena se kenyelletsa ho romela kantle ho 13 kg tsa podi ho United Arab Emirates.

Dihlahiswa tse tswang dinaheng tse ding tsa Swaziland di ile tsa fokotseha ho tloha tse fetang 35 000 kg ka 2016 ho isa ho tse 7 kg ka 2018.

Judith Weideman wa Kalahari Kid Corporation (KKC) o re mmaraka wa KKC o kenyelletsa Mauritius, Hong Kong, Uganda le Nigeria. 'Ha thibelo e tloswa hape, KKC e tla tswela pele ho fana ka nama ya podi ho Kuwait, Saudi Arabia, Oman, Dubai, Qatar le Bahrain.' Ha ho na maikutlo a tswang ho bahlokomedi ba diphoofolo ba LDepartment: Agriculture, Forestry and Fisheries ba ka fumanwang ho hlalosa ke hobaneng ha thibelo ena e le teng kapa ha sena se tla tloswa (Tshitwe 2018).

KKC ke mokgatlo o nang le mmuso wa puso ya Northern Cape mme ke ‘Special Purpose Vehicle’ (SPV), o sebedisetsweng ho rekisa indasteri ya podi Northern Cape.

Translated by Bongani Matabane