Slender Mongoose
Kgano

© Nigel Dennis

Lebitso

Kgano [Galerella sanguinea] e tsejwa hape ka mabitso a Senyesemane e leng Black-tipped Mongoose kapa Black-tailed Mongoose.

Tjhadimeho

Kgano tse tsehadi di kala digeramo tse 575 nyane ho tse tona, tsona di kala digeramo tse 715. Mmala wa tsona o fapafapane mahareng a bosootho le bokgubedu ho ya ka sebaka se di phelang teng. Dimpeng, mmala wa tsona o a kganya. Mehatla ya tsona e melele ka ntlha a ntsho, eo e leng seo mofuta ona wa kgano o sejwang ka teng. Dibakeng tse bathang dikgano tsena di a ntshofala.

Dijo

Kgano e ja hangata dikokoninyana, dihahabi le ka nako tse ding le dinonyana. Di ja hape le diphoofolo tse se nang lesapo la mokokotlo.

Tswalo

Kgano e tswala selemo kaofela empa pelehi e etsahala hangata ka nao ya dipula. Nako ya tsona ya ho tswala e ka ba dibeke tse robedi ho isa ho tse robong, di tswala madinyane hang kapa habedi ka selemo, dihlopha tsena e ka ba ledinyane le leng ho isa ho a mararo.

Boitshwaro

Kgano di phela di le ding empa mahaeng a tsona pokello ya tse tona tse nne di sireletsa tse ding. Tse tshehadi di mmalwa moo. Tse tona tse tswalaneng le tse sa twalanang di teng pokellong tsena. Mahae ana dikgona tse tona tse tswalanang le tse sa tswalaneng di teng pokellong tseo. Mahae ao ha ho na dikgano tse tshehadi tse hodileng. Madinyane a dikgano tse tona le tse tshehadi tsohle di a tsamaya ho phela di le ding.

Lehae

Kgano di phela savanneng moo di atisang ho dula merung. Di aha dilao mekoting ya masetlwaka e tlohetsweng, mapatsong a majwe le difate tse fatilweng. Di atisa hape ho dula dithabaneng.

Di fumanwa kae

Kgano e fumanwa hare ha Aforikaborwa ho isa bokone le botjhabela. Di fumanwa hape Namiba, Botswana, Zimbabwe ho fihlela Aforika bophirima le botjhabela.