Serame Le Dimela

© Louise Brodie

Dibakeng tsa temo moo serame se ka senyang dimela, taolo e ntle ya dinako tsa ho jala e ka fokotsa tshenyo ka nako ya kgolo ya dimela. Fokotsa tahlehelo ya dimela, ka lebaka la serame, ka ho jala dimela tse bonolo ha kotsi ya serame e se e fetile. Hona ho ka nna ha se be bobebe kapa ha ho sebeletsa, ka ha o ka fetwa ke ditheko tse ntle tse tsamaelanang le ho ba morekisi wa pele wa semela sa hao.  

Tahlehelo ya dimela, ka lebaka la serame, e ka sehelwa moedi ka ho jala bohareng ba kapa karolong ya bobedi ya lehlabula. Kgolo ya dimela e tla be e phethahetse pele serame se ba teng. Ho a kgoneha ho potlakisa kotulo ya hao ka ho hodisa sethopo sebakeng se sireleditsweng jwaloka metjheng e menyane, ha nako ya ho fela ha serame e se e atametse.

Ha nako ya kotsi ya serame e se e fedile, sethopo sena se jalwa masimong. Dihwai tse nyane Eastern Cape, di jala poone ka sethopo e le ho ba le poone e talana kapele.

Ho Sireletsa Dimela Serameng

©Zeynel Cebeci

Metjha ya masimong
Metjha e menyane e ka ahwa ka ho sebedisa lera la plastiki e tshesanyane ho etsa ho ka reng sekgele sa dijalo se senyane. Lera lena le lokela ho tshehetswa ka hodima sethopo mme le hatellwe ka mobu hore le se fefolwe ke moya.

Hobane dithemphereitjhara tse ka tlasa plastiki ena di ka phahama haholo, ho ka hlokeha hore ho kenele moya. Kwaholla lera lena kapa o le tlose motshehare ebang ho kgoneha. Netefatsa hore o tlosa dikotwana tsa plastiki tse salletseng kamora kotulo ka ha hona ho ka baka kotsi diphoofolong tse fulang sebakeng seo. 

Dikgele tsa dijalo le metjha
Dibakeng tse serame se sengata, tlhahiso ya meroho e etswa kahara dikgele tsa dijalo kapa metjha. Le ha ho le jwalo, hona ho ka qosa tjhelete e ngata mme ho hloka tsamaiso e boemo bo hodimo, feela tjhai e ntle e ka kwala sekgeo sena. 

Melemo e meholo ka ho fetisisa ya tlhahiso ya meroho kahara dikgele tsa dijalo, e ka fumanwa e etswa pela mebaraka e meholo (metseng ya ditoropo) kapa bakeng sa ho ntshetswa kantle ho naha (pela boemafofane ba matjhaba). Mohlala o motle o ka bonwa haufi le Krugersdorp. Sebaka sena sa temo sa sekgele sa dijalo se haufi haholo le Johannesburg le boemafofane ba matjhaba ba O.R Tambo. 

Dirapeng tsa  ditholwana le dirapeng tsa morara
Dilemong tsa 1950, oli ya kgale ya koloi e ne e tjheswa kahara meqomo dirapeng tsa diapole le dipiere tsa Koue Bokkeveld, sebaka se dithaba profenseng ya Kapa Bophirima (Western Cape), ka masiu ao kotsi ya serame e neng e lebeletswe ka oona. Sena se ne se fehla motjheso le leru la mosi empa se baka tshilafalo ya moya ebile se sa lokela tikoloho.   

Dilemong tsa 1960, ho nosetsa ho tswa hodimo ho ile ha qalwa ka dikonopo tsa thermocouple ha motjheso o ne o theohela ka tlasa themphereitjhara e behuweng ya tlhokomediso. Hona jwale, dinosetsi tse hodimo di nketswe sebaka ke mokgwa wa ho nosetsa wa rothe le o tlase mobung mme dinosetsi tse hodimo ha di sa sebediswa ho fokotsa serame. Napa Valley e California, difuthumatsi tsa motlakase tse nang le metjhini e meholo e fehlang moya, di butswella moya o tjhesang dirapeng tsa morara ho fokotsa serame.

Translated by Maletsatsi Sejake