Petite Sirah - Durif

Tlhaloso

Ke morara o mokgubedu bo matla e hlahisang veine e mmele o tletseng e hlahileng ka bo 1880 ke Dr Francois Durif wa a Syrah x Peloursin. E tsebahala haholo Clifornia, a SyrahxPeloursin e lenngwe Argentina, Brazil, Mexico le Australia. Ho bolewa hore ntho e nyane feela ka Durif ke menokotshwai. E hlahisitsweka ho otloloha ka mmala, e amana le veine e kgubedu.

Tlhaho

Diphuleng tsa molapo wa Rhone le France.

Lebitso le Leng

Petite Sirah e bitswa Durif, e leng lebitso le sebediswang SA Wine Industry Information & System (SAWIS). Petite Sirah e seke ya kopanywa lr Petite Syrah, pheletsong ke menokotshwai e menyane e fapaneng ya morara wa Syrah. Mabitso a fetang 35 a Durif a ya sebediswa boemong ba matjhaba e leng Dure, Duret, Plant Durif le Pinot de Romas (France).
Durif ha e amane le Petite Sirah ya California e ileng ya fumanwa ka diteko tsa menwana ka 1997.

Tlhahiso Afrika Borwa

Bonyane 114ha ya Durif e lenngwe Afrika Borwa, empa pele e e fumanwe Vititec ka 2001.

Sebaka sa Tlhahiso

Semela se rekiswang se fumanwe ka 2004 polasing ya Fairview Paarl. Boholo ba Durif tse 114ha di lenngwe sebakeng sa Breedkloof (34ha) le Paarl (31ha). Dimela tse ntjha tsa 24ha di fumanwe ka 2016.

Kgolo

Veine ya Petite Sirah e tiileng e ka pholoha mobung e fapaneng mme e hola e le matla ka boholo bo fihlang ho 22-24 t/ha. Veine ena e nale mokgwa wa ho kenella mme ho balla ho kgethehile ho boloka ka bongata hotswa fatshe. Semela se itekanetse hoy a boholong ka boholo.

Ho Butswa

Merara e kotulwa mahareng a sehla.

Makgasi

Makgasi a itekanetse hoy a boholong ka boholo, ka sebopeho sa kgutlohlano le marete a mahlano.

Menokotshwai

Petite Sirah e nale menokotshwai e menyane, e paketsweng ka ho tiya.

Dikokonyana tsa Disinyi le Mafu

Disele tsa bong di kopantswe ka bongata bo tiileng mme di ka kgaolwa ho ba sehlopaha se Senyehileng.

Tshebediso

Durif e sebediswa ho etsa veine e tletseng e kgubedu, ka bobedi e ikemetseng le tswakang. E tswaka, e amana le sebopeho le mmala ka ho tiya.

Tatso

E kaba tholwana ya veine e ntsho ntsho, matla, amana le tanniki le hob a lefifi. Merara e tsebahala California ka monko wa tsona o ruileng veini le pepere e ntsho. E nale taniki, mme veine e nale bokgoni ba ho hola e le telele ho fihla dilemong tse 10-20.

Translated by Sebongile Sonopo