Pearl-spotted Owlet

© Karl Svendsen
Pearl Spotted Owlet.

Ponahalo

Diphooko tse matheba a perela ke tse ngwe tsa di diphooko tse nyane ka ho fetisisa Borwa ba Afrika. Ke diphooko tse senang ditsebe. Di na le dihlooho tse mmala o sootho ba sinamone le sepapetlwa sa sefahleho se sesweu. Ka dikarolong tse ka hodimo mmeleng di na le mmala o sootho le matheba a balathetseng a masweu. Ka dikarolong tse ka tlase mmeleng di na le mmala o mosweu o na leng matseke a sootho, mme mahlo a tsona a masehla.

Dijo

Di ifepa ka mefuta e fapaneng ya diphofu ka bohlwa, dikokonyana, bo mankgane le ditweba tse nyane. Di kile tsa tlalehwa ka ho nka leeba la ho tsheha, le boima ba 200g, eno ke phihlello ha o hlahloba hore sephooko se boima ba ho pota 85g feela. Empa haholo holo di ifepa ka diphoofolo tse senang lesapo la mokokotlo, empa dinala tsa sona tse matla di dumella hore se tshwase dinonyana ho fihlela ho e boholo ba talane e kgolo, diphoofolo tse nyantshang tse nyane le dihahabi.

Ho ikatisa

Di qala ho ikatisa ho tloha ka Phato ho isa Pudungwane, mme mohlomong le batswadi ka bobedi ba fuama mahe ho fihlela matsatsi a 31. E tshehadi e behela mahe a mabedi ho ya ho a mane ka mokoting wa sefate, hangata e entsoeng ka mehetle kapa dirokolo. Ho fuama ha mahe ho nka matsatsi a 29, madinyana a hlaha ka morao ha matsatsi a 31 mme e be a ikemela ka bo tsona ka morao ha dibeke tse malwa.

Boitshwaro

Jwalo ka ditho tse ngata tsa mofuta ona, mefuta ena hangata e sebetsa motshehare. Pitso ya molodi wa yona o ikhethang o atisa ho utlwahala morung wa moutlwa moo mefuta ena e tlwaelehileng haholo teng. Di tsamaya ka bong kapa ka bobeli. Diphooko tse matheba a perela di nale mahlo a boikaketsi ka morao ha dihlooho tsa tsona. Sena se tla ferekanya dibatana ka hore sephooko shebile kae.

Bodulo

Di fumanwa makgulong a bulehileng le merung e kang e bulehile, di atisa ho qoba dibakeng tse nang le jwang bo bolelele, mahoatateng le moru o teteaneng.

Moo difumanwang teng

Di pharaletseng ho hasana ha Borwa ba Afrika, di fumanwa dibakeng haholo holo hlatheng le morung, moo di atisang ho bonwa selemo ho pota. Mohlomong di sebetsa motshehare ho fetisisa diphooko tsa Borwa ba Afrika, di fallela ka bong kapa ka bobeli.

Lebitso la se Latin

Glaucidium perlatum