Ostrich
Mpshe

© Peter Delaney
Ostrich.

Ponahalo

Mpshe (struthio camelus) ke engwe ya sehlopha sa dinonyana e tsejwang e le ratites, ke hore ke dinonyana tse sa fofeng hobane ha di na mokokotlo o masopong a sefuba. Tsa mefuta e 8 600 ya dinonyana tse teng kajeno, mpshe ke e kgolo ka ho fetisisa. E eme ka botelele ka maoto a matelele, a sa kwahelwang ke letho, Mpshe e na le molala o motelele, o ikgarileng, o mosweu. Mmele wa e tona o seloteng o kwahetswe ka dikwatipa tse ntsho le mapheo le mohatla tse tshweu dintlheng. E tshehadi e sootho le bosweu. Dinonyana tsena tse tonanahadi, tseo e leng hore ka dinako tse ding difihla ho bolelele ba dimilimithara tse 2,6 le boima ba dikhilogerama tse 135, ha e kgono ho fofa, empa ke dimathi haholo.

Dijo

Dimpshe boholo holo ha dije nama, di ja jwang, le dipeo tse belehang ditholwana tsa menokotshwai, le boela di ja dikokonyana. Di kwenya palo e kgolo ya majwe ho thusa ho sila dijo tse boima ka hare ha dikilana le ho thusa ka tshilo ya dijo.

Ho ikatisa

Dimpshe ka tlwaelo di nale molekane wa bophelo bohle, mme di arolelana mosebetsi wa ho fuwama mahe. Dimpshe ditheha dihlopha tsa tse tona tse ratang tse tona le tse tshehadi ka kamano le sebopeho se rarahaneng. Tse tona sebakeng di phehisana bakeng sa mehlape ya dikgogo tse 3 ho isa ho tse 5. Ho tlolelana ha tsona ho akarelletsa dipontsho tse majabajaba tsa ho hlaba mokgosi le motjeko. Hang ha di se di arotswe ka dihlopha tsa ho tlolelana, Dimpshe dibakeng tse ding di sebedisa dihlaha ho tshwara kae kapa kae ho kopanetsweng ho tloha ka mahe a 14 ho isa ho a 60. Sehlaha sa yona ke lesoba le horutsweng fatshe ka maoto a 1 ho isa ho 2 ka botebo. Lehe karolelano le disenthimithara tse 15.24 ka bolelele, disenthimithara tse 12.7 ka bophara, le boima ka likhilogerama tse 1.37, mme le ya benya le bosweu ka mmala. Mahe a nka matsatsi a ka bang 35 - 40 ho qhotsa. E tona, e nang le masiba a matsho ka boholo, e dula hodima mahe bosiu, mme tse tshehadi tsa mmala o sootho tse behelang mahe hofihlela ho a 20, a kwahela mahe motshehare. Ka tsela ena, sehlaha se thata ho bonwa. Haeba e bang e lekotsing ha e dutse sehlaheng, eo e mpa feela e le mokoti wa mobu wa lefatshe, e tshehadi e hatisa molala wa yona o motelele fatse ho ikopanya hammoho le semelo. Dimpshe ho fapana le tumelo e tlwaelehileng, ha di pate dihlooho tsa tsona lehlabatheng. Hang ha mahe a qhotswa, ke hangata hore dimpshe tse tona di shebang madinyane ho fihlela a hodile ka ho lekaneng hore a ka iphepe ka bo bona.

Mpshe e ruuweng

Dimpshe di batlile di fediswa boholo lekgolong la bo18 ka lebaka la ho tsongwa ha masiba. Bohareng ba lekgolong la bo19, ka lebaka la le tlwaelo le pharaletseng ya ho lema mpshe palo ya dimpshe e ile ya eketseha. Mokgatlo o ile wa fetolelwa ho ruuwa le ho hlotha ha dimpshe, ho ena le ho di tsoma. Dimpshe e se e le dinoynana tse ruuwang ka katleho mme hona jwale diruuwa masimong lefatsheng lohle, haholo holo mona Afrika Borwa, bakeng sa nama, masiba le letlalo la tsona. Letlalo le ya suhuwa ho tswela ka tshebetso e be ka nako le etsoa ka disebediswa tse kathoko fesheneng tse kang dirifi le mekotla.

Bodulo

Ka ho fetisisa dimpshe tse hlaha di fumanwa dihlopha tse tsekoloha ka Bophirimela, Bochabela le Borwa ba Afrika le tse ngata tse dulang mehloding e sireletsweng ya diphoofolo ka bochabela ba khonthinente. Dikgona ho ikamahanya le maemo a omeletseng le ho kgona ho pholoha tlasa maemo a ho hlokeha ha metsi mmeleng ho fihlela ho 25%.