Ya Nelson Mandela le FW De Klerk e ka Raymond Louw

© Eric Miller

Monna ya makatsang

Ka nako ena dipuisano ha nyane di ne di fumana botsitso mme a qala ho tshepe President De Klerk, eo ka morao a ileng a mohlalosa e le “monna ya makatsang”.

Ha o sheba morao pele ho dikgetho, ho ne ho hlakile hore motshwaruwa Mandela o batla, ya neng bitswa monna wa botshepehi o hloka setswalle sa sebele hotswa ho bahatelli ba mehleng, o ne a shebile de Klerk ka leihlo la hore le yena o batla bokamoso bo tsitsitseng ba demokrasi ka hare ho naha.

Ho ya qetellong ya 1990 ke ile kaba le monyetla wa ho mofa sememo ho tswa dieditareng tsa maemo a hodimo le ba phatlalatsi, boemo ba matjhaba, ho fana ka puo kopanong ya kakaretso e Kyoto, Japan, Motsheanong o latelang.

O ne a sena ho amohela ho fihlela komiti e kgolo ya naha ya ANC e dumela, mme ho ne ho ena le dikopano tse ngata pakeng tsaka le yena. Ka nako e nngwe re ile ra buwa ka De Klerk ka dimakatso tse senang leeme tseo a dientseng, haholo ho monna ya etetseng pele phetoho, ha dipuisano di ntse di tswelapele. “Re lokela ho thusa monna eo”, o a hlalosa. “O nale mathata a mangata haholo mokgatlong wa hae”.

Sena kannete e ne e se phetoho e bifileng empa ke moetsapele ya nahanelang le bona bohlokwa ba De Klerk ho tswelapele ho laola National Party ya hae , haholo banna ba hlaha ba hae, eo ha ba nka bebaka sa hae e kabang qetelo ya dipuisano mme ha qala merusu.

O ne a dumela hore de Klerk o ne a ena le ntwa e moepeng le maloko a mokgatlo wa hae ba neng ba nahana hore dipuisano di ka isa ho timeleng ha batho ba bona.

Letsholo la maqeka a ditshila

Motshwaruwa wa mehleng o ne a sa tsebe hore maloko a botjhaba, le maloko a mehleng a bolebedi ba kgatello le bahlanka ba selehae kapa mapheo a matona kaofela ba ditshebeletso tsena ba ne ba kene “maqhekeng a ditshila” e leng letsholo le neng le leka ho fokodisa ANC mme se matlafatsa mekgatlo e qothisnang lehlokwa jwalo ka Inkatha Freedom Party,boetapeng ba Mangosuthu Buthelezi.

Ho ne ho totobetse hore motshwaruwa wa mehleng Mandela o ne atshepa De Klerk. Bafuputsi ba ANC ba ile ba tlisa tlaleho ya hore ho nala “kgatello ya boraro” e sebetsang ho hatella botsitso hara naha ka ho fokodisa ANC, o ile a isa tlaleho eo ho De Klerk bakeng sa diphuphutso, a tshepa hore De Klerk o tla nka ditlaleho tsena mme a di sale morao.

Empa di ile tsa iswa ho ofisara e ka sehlohong ya seponesa eo ka mora dilemo ho ile ha hlahella hore ke e mong wa ba ka sehlohong ba “maqheka a ditshila” le ba bang ba lekang ho fokodisa ANC ka matsholo ana. Ditlaleho di ne dina le mabitso a dimpimpi, tseo boholo ba tsona di ileng tsa nyametseng.

Ho kgaola selekane sa tshepo

Ka mora nako mopresidente Mandela a hloka tshepo ho De Klerk. Ka mora ho hirwa ha boto e ntjha ya mmuso bakeng sa kgaso ya mmuso, lekgotla la kgaso la Afrika Borwa, leo ka nako eo le neng laolwa ka hohle hohle ke mmuso wa National Party.

Dikgwedi tse itseng ka 1992 le 1993 letsholo la kgaso e ikemetseng (eo ha jwale e theuweng ka mekgatlo ya motheo wa tokoloho ya puo) e ile ya kgaola kgaso ho laolweng ke mmuso ka ho e hatella ho dumela hore kgaso e ntjha e ikemetseng e lokelwa ke ho kgethwa ke tsela ya ho kenya kutlo ya setjhaba pele ho phanele e kgethang.

Phanele e lokela ho kgetha mabitso a 25, a neng lokelwa ho romellwa De Klerk, mme a ye ho mopresidente, bakeng sa ho kgethwa ha boto. Tumellano e ka hodimo dipakeng tsa CIB le mmuso e ne e le ho ntshetsa pele tumellano ya Mandela le De Klerk e leng tokelo ya ho romela mabitso a sa ananelwang morao phaneleng bakeng sa tekolo botjha, empa pele ho etsahala seo ba ne ba lokela ho buisana le mopresidente ka ho se ananelwe hona hore ba leke lokisa bothata.

De Klerk ha a ka kgutlisetsa mabitso phaneleng, empa a tswela pele ho bitsa kopano le phanele moo a ileng a pheha kgang le bona. Ha a ka buisana le Mandela ka sena, mme o ile a nka taba ena e le ho kgaola tshepo.

Sena seile sa etsa hore motshwaruwa wa mehlang Nelson Mandela a hlasele De Klerk, haholo nakong mokete mane Independence Hall Philadelphia, United States moo bobedi ba ileng ba fumana Liberty Medal ho tswa ho mopresidente Bill Clinton letsatsing la tswalo la America, ka la 4 Phupu, 1993.

Ho hloka kutlwano ya sepolotiki

Le ha mopresidente Mandela a dumela hore De Klerk o ne a tseba ka moralo wa ho fokodisa ANC kapa ha a ka leka ho e thibela, o nkile qeto molemong wa ho thibela mmuso wa setjhaba se kopaneng le ho tlisa botsitso naheng ho beya diphapano ka morao.

Kamano ya bona fatshe e ne e na le setswalle mme ba ile ba ntshetsa pele puisano, le ha hole jwalo ho ne ho ntse ho ena le ho hloka kutlwano ya sepolotiki. Mopresidente Mandela ka nako tse ding o ne a ena le ho etela Robben Island ho bontsha maemo a ileng a mamellwa ke yena le basebetsi mmoho le yena nako e telele tjhankaneng.

Translated by Sibongile Sonopo