Meerkat
Mosha

© Nigel Dennis

Lebitso

Mosha (Suricata suricatta)

Tjhadimeho

Lebitso la Seafrekanse la “meerkat” ke lona le sebediswang ha ho buwa ka letodi le lesehla kapa wona mosha – lebitso lena la Seafrekanse se bolela “seo se jang bohlwa” Mosha o bonwa haholo e eme ka maoto a ka morao le mohatla, ha o ntse o shebile tikoloho.
Mmele wa wona on sootho ho isa ho mmala o silifara ka mereto ya matheba a kgubedu mokokotlong. Mahlo a wona a na le matsa a matsho. Mmele le hloho di bolelele ba dimilimetara tse 250 -310 ka mohatla wa dimilimetara tse 200 - 240. Mosha o hodileng o kala dikilogeramo tse 620 -960. Mesha e na le mehatla e tjhorileng e ntlha e ntsho ka moriri o mokgutshwane. Maoto a ka morao a matenya ho feta a ka pele. Hloho e tjhitja e kgolo ka nko e bohale.

Dijo

Mesha e ja dikokwane, dikokoni, mekgodutswane le dinoha eo e di nanabetsang ka potlako e hlabosang. Mesha e tsehadi e immeng kapa e nyantshang e fula haholo ho feta mesha e meng ya mohlape ho ba le matla a ho tswala kapa ho nyantsha. Dijo di ntse di tshwana mesheng yohle e fapaneng ka botona kapa dilemo.

Tswalo

Mesha e tshehadi e hodileng e atisa ho beleha ka dihla moo, le ho e meng, e tla dumella hore ho se be le e meng e tswalang ka nako e leng mohlapeng o mong. Mesha e tshehadi e tswalang e ka beleha dihlopha tsa madinyane a mang kapa a mararo ka selemo, empa kgefutso tsa ho tswala a ya ka dipula.
Tswalo e hodimo ka Pherekgong ho fihlela Hlakola. Sehlopha kaofela se hlokomela le se hodisa madinyane. Ha mesha e meng e ile ho fula, e nngwe ya tsona e tla sala mokoting ho hlokomela madinyane.

Boitshwaro

Mesha e atisa ho hloma naha. Pokello ya tsona e ka ba mesha e leshome, ka mesha e tona le e tshehadi e lekanang ka palo. E mafolofolo motshehare, empa bosiu e ya mekoting ho itshireletsa dibataneng.

O Fumanwa Kae

E fumanwa haholo naheng e tlase, Aforikaborwa, mosha o atisa ho dula bophirimela profense ya North-West, borwa ba Foreisetata ho ya ho Karoo haufi le Motse Kapa le bophirimala lebopong las Atlantic.