Mandela palesa e ntsho ka Benjamin Pogrund

© Eric Miller

Motlalehi wa dipolotiki tsa batho ba batsho

Ho hlahiseng maikemisetso a ho sitisa mokete wa letsatsi la phomolo, Mandela o ile a ba lehlatsipa la ho hlaselwa ke mmuso. Empa pele ba ne ba lokelwa ke ho mo fumana mme e ne e le se ka hodimo ho tsohle ho maponesa. Ba ne ba batla mohohele ka hare ho naha, empa Mandela o ile a ba fetola ditseketseke a iphetola lebitso, o ne a tsejwa ka lebitso la ‘Palesa e ntsho’, ka mora mokete o tsebahalang Baroness Orcy. Ha a ka a hloka le ho ikgakanya ha kalo.
O ne atshireleditswe ke batshehetsi mme ba tshwara dikopano sekgukgung ho ntshetsa pele seteraeke sa dula hae. Jwalo ka motlalehi ya neng a se a ipabola ka dipolotiki tsa batho ba batsho,ke ne ke kgona ho mmona ka nako tsohle ha ke batla, ha a hloka ho buwa le nna. Motlalehi e mong ya neng a ena le monyetla ona e ne ele mofu Charles Bloomberg wa Sunday Times, eo a ileng a baleha naheng ena ka lebaka la ho bea pepeneneng Afrikaner Brorderbond, e leng mokgatlo o neng laela ho tswa ka morao
Nna le Mandela re ne re romellana melaetsa ha feela nna le yena ha re hloka ho kopana. Sebaka seo re neng re kopanela ho sona hangata e ne e le toropong Fordsbur ha Adelaide le Paul Josephs, e ne e le maloko a Transvaal Indian Congress. Kapa re ne re kopanela mmileng o haufi o kgutsitseng bosiu. Ke neke tla emisa lefifing ebe o wa hlaha. Ntho eo a neng a kgona ho ikgakanya ka yona e ne ele ho apara diovarolo tsa basebetsi. E neng e kgona ho pata ho hlahella ha hae.
Re ile ra dula ka koloing ra buisana ka seo a se etsang. Ho tsamaisa ditaba ka tsela e nepahetse re ile ra dumella hore ke fumane ditaba ka bosiu bo bong le bo bong ka 5. Ha ho hlokeha mohala o tla kena ho mpalla Action Counci; statement. E ne se Mandela, empa ba bang e ne ele bona ba letsang, ka nako tse ding ke tlabe ke hopola lentswe la motswalle.

Ho kwalwa kgaolo

Hape, histori ere mohwanto o feitse. Ditshoso le ho hatella ho entse mosebetsi. Afrika borwa ya kena tseleng e ntjha. Seo ke sehopolang ka bo nna ka Mandela ke dikarabo ka nako eo. Ya pele e tlile hoseng ka nako seteraike: Rand Daily Mail e potlakele mmileng ka 80:00 hoseng. Seteraike ha se tswela pele mme ebile ha se ya hloleya hohang. Mohlomong. Ke basebetsi ba ba 50% feela ba arabetseng. Empa Mail o ile wa amohela leshano la mmuso le bo mmasepala, mme ba ngola hore se feitse. Mail o neo hlomphuwa haholo ke batho ba batsho, empa sena saetsa hore ba sehlole ba eba le tshepo ho bona ka tswelo pele ya seteraike.
Ke ne ke dutse tafoleng yaka, ke ikutlwa ke hlokofetse ke ferekane ka seo re se entseng ha Mandela a founa. Ke ile ka kopa tshwarelo, empa a nkgaola a re ke ya tseba hore ha se phoso ya hao. Ke ne ke makaditswe ke monna ya nang le moya o motle jwalo, ya qetileng di kgwedi a beile bopheloba hae nyeweng ena, ya tsiileng lelapa le mosebetsi wa hae bakeng sa nyeweena jwale o phoqehile haholo, empa ntse a le mosa.
Ha a letsa hape bosiu, ke ile ka kgahlwa haholo ke ho tshepahala ha hae. Ha aka a leka ho supa mang kapa mang ka monwna, ke ka moo boradipolotiki ba sebetsang ka teng, empa o ile a re ka boikokobetso, ‘batho ha ba arabela seteraike sa ho sula hae ka moo re neng re lebetse ka teng’. Oile a tswela pel a re, ‘Ha re ya utlwa bohloko. Ha se bofelo ba seo re se etsang’. Ka mora hora o ile letsa mohala hape , kgetlong lena o ne a, mona o ne a arabela potso eo ke ileng ka mmotsa yona ya hore maikemisetso a hae a bokamoso ke afe. O ile abuwa ka ‘ho kwala ha karolo’, mme a re, ‘Ha ke nahane hore ho ipuella ho ka ntshetsa pele kgotso le ho emisa merusu dinthong tse entsweng ke mmuso ho hatella mehwanto ya rona ya kgotso.
Ke be ke maketše kudu gore monna yo a ilego a kentšha bophelo ba gagwe mo kotsing, yo a ilego a ineela ka lapa la gagwe le mošomo wa gagwe a ka ba le moya wa mafakudu ka tsela ye, e bile ga a bontšhe le go galafa goba bohloko le ga tee Ge a founa gape letšatšing leo ke ile ka kgahla ke bonnete ba gagwe. Go be go se na teko ya go phadima ka se se diragetšego goba go sopa ka di tiragalo ka mokgwa wo bapolotiki ba be ba dira ka gona. sebakeng seo o rile gonna, ‘Batho ga se ba araba pitšo y a rena, ya gore ba dule gae ka tsela yeo re be re tshepile.’
A be a tšwela pele a re, ‘Ga re a nyama mo moyeng’. Se ga se mafelelo a taba ... 'Morago ga iri o ile a founa gape, go araba dipotšišo tšeo ke be ka mmotšiša tšona mabapi le maikemišetšo a bokamoso, gomme o ile a fa tsebišo e bohlokwa ya ntwa ya maatla. O ile a bolela ka go tšwalela karolo gomme e be a re, ‘ga ke tshepe gore, nka kgona go tšwela pele ke bolela ka khutšo le ntawa e sego ya šoro ka ge mmušo o tlile ka tsela ya go gatelela ntwa ya rena ya khušo.

Translated by Sibongile Sonopo