Leeto ho ya Robben Island

Moo Leeto le Qalang

©Aaron Polikoff
Matshwao a bonahalang a tseleng ya heke a sa fosahalang. Hloohong hodimo ke lejwe le leholo la ditepisi le tsamayang ho ya hodimo, monyako wa kgalasele mme leeto la hao la Robben Island le ya qadile.
Kapele ho wena ke tafole ya ditsebiso, e tletseng ka batho ba nang le mamello e makatsang, ba arabang potse tse tharo tse tshwanang kgafetsa kgafetsa. Sekepe se tsamaya dihora tse ding le tse ding tse tharo. Se nka dihora tse ka bang nne.
Ka thoko ho wena ke lebenkele la dimpho, moo o ka rekang dintho tse fapaneng tsa Robben Island. Metsi a takuweng, dikgalase, dikipa, dikhafo, masale a dinotlolo, dibuka, didayari, dimaoso tsa komporo, dikhalendara, dikgaba, dihempe, masale, dikopi, dijase, diposekarete, maknete wa dihatsetsi le dipampiri tsa freedom charter di ya fumaneha. O ithekela le senotlolo sa Robben Isaland, e leng seo batshwaruwa ba kgale ba neng ba se batla bakeng sa keresemese. Lebenkele le nale kgetho e ntle ya dibuka le divideo tsa Robben Island, ho kenyeletsa le dipapadi tsa bana.

Kantoro ya Ditekete

©Aaron Polikoff
Kantoro ya ditekete e lehlakoreng le letona. Ha o kaba bohlale wa ngodisa e sale nako, otla lata ditekete tsa hao mona. Ho dula ho le sephethephethe fesetereng ya ditekete, jwale o lokela ho fihla ka nako ho balehela moferefere. O ka reka tekete ya hao hape fesetereng, empa o seke wa nahana hore o tla be o se o kena sekepeng se latelang. Batho ba kabang halofo ya miliyone ba etela sehlekehleke ka selemo, mme sekepe se nka feela batho ba kabang lekgolo ka nako e le nngwe. Jwale, ha ho makatse hore sekepe se ngodiswa letsatsi kapa a mabedi pele ho leeto. Nakong ya selemo e hodimo, ka Tshitwe ho isa Pherekgong, boingodiso bo e ba leqeme e le kannete.
Le ha batho ba bangata ba nahana ka moaho e le sebaka moo o fumanang ditekete tsa hao, tsela ya heke e le yona karolo ya bohlokwa ya tsebo ya musiamo. Dipontsho tse ngata folorung e ka hodimo le divideo tse ntle tse bolokuweng tse o ka di shebang. Baeti ba tatelang heke ba fetwa ke dintho tse ngata, jwale fihla ka nako mme o qete nako ya hao o ntse o sheba. Moaho o nale maemo a mararo. Ha o kena, mahareng, ho nale dikhemera tse kentsweng. E nale divideo tse kentsweng tsa melaetsa e mengata ho tswa ho bo radipolotiki ba batshwaruwa ba mehleng, ka bobedi hotswa ditjhankaneng tse ding mmoho le Robben Island.

Robben Island: Pokeletsong ya Mayibuye

©Tracey Derrick
Maemong a ka hodimo, ho nale mefuta e fapaneng ya dipontsho le divideo tse fumanehang tsa poloko. Ho nale batho ba bangata bao re ba lebalang hanyane hanyane, bao mabitso a bona re sakang ra a tseba. Dintho tsohle tse tshwarehang tse etsang karolo ya dipontsho tsena ke mehlodi ya e tswang pokeletsong ya Mayibuye Robben Island, e tshwaretsweng yunivesiting ya Western Cape.
Boemong bofatshe, ho nale ditshwantsho tse hopotsang ka sehlekehleke le batshwaruwa, mmoho le kgetho e ntle ya dikhabote tsa patsi. Bula ka hare ho dikhabote mme o tla bona bokgabane ba diemahale tse fapaneng tsa sehlekehleke, diketane, mangolo a batshwaruwa, dikobo tsa batshwaruwa tse ntseng di feela ka baka la dilemo, disetifikaite tsa maiketsetso tsa dipapadi le dintho tse ding tsa botho. Ka moahong ka fatshe ho nale hape le holo e neng e sebediswa bakeng sa mekete e ikgethang le dikopano tsa basebetsi. Ha o se o qetile ho sheba sheba, o lokela ho fetela moahong o ka fatshe moo o tla palamang sekepe. Ho palama ho metsotso e 30 pele sekepe se tsamaya.

Translated by Sebongile Sonopo