Ho Tswala ha Serapa sa Morara

© Marinda Louw

Ho tswala ha serapa sa morara ho kgethollwa ke ho phatloha ha dithungthung. Palesa e se nang metsi e nkuwa e le e nonneng hang ha e ena le dihlahiswa mme e na le sehlopha se le seng kapa tse ngata tsa dipalesa. Dihlopha tsena di se di ntse di thehwa ka hara dikgwedi tse 15 pele ho kotulo ya morao-rao, ho fihlela ka la Pherekgong, haeba maemo a le teng. Maemo a kgabane a kenyelletsa dimatlafatsi tse lekaneng, letsatsi le chabang, mochesong o ka hodimo ho 20°C le mochesong o fatshe o ka hodimo ho 10°C.

Le hoja bothata bo ka ba monate haholo ha bo bolele letho haeba ho se na ho phatloha ha dithungthung. Karolo e ntle ka ho fetisisa ya ho phatloha ha dithungthung e fumanwa ka ho hlahisa dimela empa maemong a mang ho hlokahala hore ho sebediswe dikhemikhale tsa ho robeha ha phomolo ya dikhemikhale ho qadisa ho phatloha ha dithungthung.

Translated by Bongani Matabane