Ho Tsamaya Leeto Robben Island

Tlhaho ya Nnete Sehlekehlekeng

©Roger de la Harpe
Tsela e nepahetseng ya fihlella nnete ya tlhaho sehlekehleke ke ho tsamaya ho sona. Ke bile lehlohonolo ho fuwa monyetla wa ho etsa sena bakeng saka, mme nkare leeto laka ho potoloha dipharametheng tsa sehlekehlekeng sena ke e nngwe ya meputso wa bophelo. Selatelang, yaeba tlhaloso e kgutswanenya leeto.
Potoloho e felletseng ya sehlekehleke e kaba dikilomitara tse 12 mme ho nkukile dihora tse 4 ho e phetela, ka tsamawo o lebelo kgatholohile. Dipherimetha tsa sehlekehleke se bataletse ka hohlehle, ntle le letsatsi le tjhesang, ke bobebe le phethahalo ya ho tsamaya o lokolohile.
Mebila e thotseng le matlo, ke halofo feela e ahilweng, e bakuweng letsatsing jwalo ka baahi ba tsamayang ba tletsetletse hoya le ho kgutla. Ke makoloi a seng makae sehlekehlekeng, le basebetsi ba ka mehla ba kgannelang batho ho potoloha sehlekehleke.
Ha jwale eka batho ba kabang 150 ba phelang sehlekehlekeng, mme ke setjhaba se nang le sehlahlo le hoba le mesebetsi e feletseng. Ho nale mekgatlo ya selehae e emelang batho (RIVA-Robben Island Village Association), ho nale hape le lengolotaba le tswang habedi ka kgwedi le bitswang The Lighthouse.

Bana ba Phelang Sehlekehlekeng

©David Fleminger
Ho ne ho mmakaditse haholo ke ho bona bana ba phelang sehlekehlekeng. Allice eo e neng e le yena ya re amohetseng, o nale bana ba babedi ba banyane, mme o re ke sebaka se nepahetseng sa ho hodisa bana. Ho bolokehile. E ruletswe ka sejwale jwale se felang sa lefatshe morao rao. E nale disebediswa tse felletseng tsa dipapadi, keretjhe le dikantini. Jarete ya sekolo e lerata, sebaka sa ho thaba le letangwana la ho sesa le dulang le tletse (e tletseng ka bapholosi).
Ho lokela ho kgutsa, le ha hole jwalo ho lekanngwe jwalo ka ha setjhaba se senyane se lokela. Bosiu ha moya o qala ho foka, sehlekehleke se ya fetoha hoba e se ya poka. E mong wa bana o kile a ntshosa ka ho mphethela pale ya sepoko se ileng sa solla mmileng. Ke ile ka mo kgolwa ka ho phethala. Ha eba ho nale sebaka lefatsheng le setsweng morao ke tumelo ya dintho tse fitileng, e lokela hoba Robben Island. Bosiung boo ha ke lo robala ntlong ya baeti ke le mong, ke ile ka nahana hore ke tla utlwa ho tsitsinyeha ha motho ya emeng kantle fesetereng.

Se Kahodimo ho Motse

©David Fleminger
Se ka hodimo ho motse, ntho ya pele eo hohelang ke tjhebahalo. Mane mose ho kalana, ho eme Table Mountain le bana ba bo yona, e kganya ka borena ba yona. E bonahala e le hole empa e haufi. Thaba ena e senang motho e haufi le Cape Town e ne e tlameha hoba thuto ho batshwaruwa. Borwa ba qetello ya sehlekehleke bo apesitswe ka leeto la bese, empa o keke a ananela tjhebeho ntle le ho theola lebelo o nwa senomaphodi botleng ba naha.
Ke ile ka nka monyetla ka maemo ha ke ntse ke boha Alpha One dikampong tsa sesole, bo sekepe sa Fong Chung se swahlamaneng, kamohelo ya baeti ya sesole e senyehileng, motlotlwane wa WWII o lahlilweng, kwari ya kgale Van Riebeeck (Ha jwale e tletse metsi a matala le dinonyana tsa metsi).
Ha o ntse o tswela pele ho ya ntlheng moo bese e kgutlang teng pela lebopo le hodimo ho ya kganyeng ya ntlo, o siya tswelopele ya hao ya karolo ya sehlekehleke morao mme o kene bohlaheng ba leboya-bophirimela ba mabopo a mose.
Mona tlhaho e fuwe matla a ho nka karolo e kgolo, mm eke letshwao le le leng feela la botho le kenellang tseleng ya lehlabathe e tshopodi e lebisang bongateng hodima majwe. Matsa a fula ka kgutso ka hare ho jwang bo bolele ka thoko ho tsela. Empa leeto ha le tene. Ho tlowa ntlheng ena ya ntho tsa kgale o ka sheba ka ho le letona fatshe o bona lefatshe la lebopo, ho tlowa sejaneng sa toropo ho ya ntlheng ya lewatle, ka camp bay, ho bapostola ba 12 ho yay a Hout Bay le ntlheng ya Champ’s man, tjhebeho eo o kekeng wa e fumana dibakeng tse ding.

Ho Fihla ha Leeto

©David Fleminger
Sebaka se sekgutswane feela ho ya pele le ntlo e nyane aya sekepe le bate e kgolo e lahlilweng ya Bethesda, ene e le letsngwana moo balepera ba neng ba hlapela teng metsing a batang a fodisang.
Ho fihla ha leeto jwale ho ipatile ka morao ho sefate sa Bluegum ka lehlakoreng le letona, ha lewatle le ntse le lebetse ka nakotsohle ka lehlakoreng le letsheadi. Kapele ho wena ke lewatle le bulehielng. Ho thotse tu. Haufi le tsullu ya sehlekehleke, o tla jwale kwaring e tsofetseng e bulehileng, moo boholo ba batshuruwa ba neng ba etswa makgoba ho roba moya wa bona le ba hlekefetsa. Dithaba tsa majwe a kgaotsweng, a paketsweng ho etsa thaba e tshabehang, e ka thoko ho kwari, bopaki bo totobetseng ba tshebetso e sa pataleng ya batshurwa ba nako e fitileng.
Ka lehlakoreng la leboya botjhabela la sehlekehleke, ho tletse dipenguin. Ho nale hape le dikete tsa mekopakopa. Haesale batho ba sa tlwaeleha lehlakoreng lena la lebobopo, boholo ke dipenguin. Ke matshweletshwele qetellong ya metsi, di eme majweng le ho otla maqhubu. Ho nale hape le WW2 kantle lehlakoreng lena la sehlekehleke, e bolokileng tebelo ya tsona e senang letho kanaleng ya Blouberg jwalo ka ha dikepe tsa thepa di ile tsa kgaulo ho keneng ka ho otloloha ho ya koung ya Cape Town.
Tora ya kgale ya sesole e bonahala ka hodimo ho sefate. Karolo ena ya sehlekehleke ene e le motsana la balepera, empa ha hona bopaki ba tumellano bo teng. Hotlowa mona, sefika se kgutlelang morao koung le tjhankaneng e kgolo. Ho tsamaya sehlekehlekeng ho nka feela di hora tse hlano, empa e nale history ya dilemo tse ka hodimo ho 500 le tikolohoya tlhaho e hlwekileng e nolofatsang moya. E tla sollisa moya wa hao.

Translated by Sebongile Sonopo