Ho qhoma ha Lepera Robben Island

Ho tlowa tjhankaneng ho ya phekolong ya bakudi

©David Fleminger
Robben Island e ne elemoo ho romelwang batho ba nkeng hantle, ba futsanehileng le ba mafu a sa pekoleheng bao ho nang le monyetla wa hor ba tla tshwaetsa baahi ba Afrika Borwa. Ba kgomaretsa meeya ena madimabe sehlekehlekeng, hole le mahlo le batho, mme e ile ya bonahala e le leano le letle, ka 1846 ho ya 1931, Robben Island e e sebediswa haholo e le tanka ya bomong.

Bohareng ba 1800 lepera le ile la qhoma. Balepera, ba neng ba le bangatake batho ba batsho ba futsanehileng, e ne e le sehlopha se madimabe. E ne e le mahlatsipa a mafu a tshabehang (ao ka nako eo a neng a sena pheko), sabobedi e ne e le mahlatsipa a setjhaba se sa tsotellweng, se sa tshwarelweng seo se neng se qojwa ka bohlaswa ebile se le kotsi. Le kajeno tsebo e atileng, ke hore lepera le kotsi ebile le ata kapele le ho tshwaetsana, le etsa menwana ya motho e we mme letlalo le bole. Nnete ke hore, le ha hole jwalo, ha le tshose.

Robben Island, baahi ba baholo aba General Infirmary ba ile ba hlokomela balepera ka moo ba neng ba ka kgona ka teng. Baeketsa ka ho ba fa le meriana ho sa hlokehe, ho ne ho ena le tumelo ya hore metsi a lewatle a molemo ho ba phelang ka lefu lena, mme ho ile hwa etswa letamongwana qetellong ya sehlekehleke hore ba tsebe ho hlapa. E ne e bitswa letamo la bethesta, mme e ntse e le teng le kajeno, le metsi a emeng a matsho a dutseng ka hare majwe a tshwereng lebota ke mehopolo e kgutlelang morao ya setjhaba se sa thabang. Balepera ba kapa ba ne ba ntshuwa ka hare ho leloko le metswalle ya bona eo ba nang le yona, ho ya lahlelwa Robben Island.

Maemo a bophelo sehlekehlekeng

©David Fleminger
Maemo a bophelo sehlekehlekeng a ne a le mabe haholo. Phumantsho ya metsi a letswai, maemo a lehodimo a sa tshwarele, bodutu bo ne bo makatsa le mafu a kang letshollo a le mangata.

Ka bo 1850, bongata ba bonokwane bo ne bo qhoma ho ya ka maemo a sehlekehleke mme ba tshwereng matla ba ne hatellwa ho leleka disuprithendente. Ka bo 1860. Suprithendente ya motjha o ile a leka ho tlisa diphetoho tshwarong ya mahlanya, diketane le ho otlwa ho tloswe, ba thojwe maikutlo le ho sireletswa. Disebediswa di ne disa fumanehe,le ha hole jwalo, maemo a batshwaruwa a ne antse a sa etse toka ho ditjeotse ahileng setshwantso se setjha. Ditokiso tse kgolo di ile tsa etswa ka bo 1890.

Ka 1931, League of Nation Health Organization e ile ya hlalosa hore ho kgaolwa setjhabeng hwa batho ba lepera ha ho sa hlokahala, mme ho nkelwe karolo ke molao o tla kgotsofatsa ba tshwetsehileng le ba amehileng. Ho iswa Robben Island habatho ba lepera ha feela hang hang lemong seo. Bakudi ba setseng ba ile ba iswa sepetlele sa Westfort, haufi le Pretoria.

Translated by Sibongile Sonopo