Ho Bolawa le Molao

© Eva Kroecher
Pele o qala ho hlahisa meutlanyana e rekiswang (eseng feela bakeng sa matlo a lehae) ho bohlokwa ho theha mmaraka bakeng sa sehlahiswa sa hao. Ha ho na mekgatlo ya basebetsi-mmoho Afrika Borwa e ka o etsetsang sena ntle le haeba o le mohwebi ya tummeng kopanong e kgolo jwaloka Coniglio.

Ho na le diphoofolo tse seng kae tse ngodisitsweng ka hare ho Afrika Borwa mme hang ha o ikatisa ho rekisa nama, o lokela ho sebedisa dihlahiswa tsa diphoofolo ho etsa bonnete ba hore "mokgwa o motle" le ho ba le mokgwa o nepahetseng - ho tseba hore na sehlahiswa se tswa hokae. Poleke tse ngata moo ho hlajwang dikgoho teng di ka sebediswa bakeng sa polao ya meutlanyana, empa etsa bonnete ba hore o na le setsi pele o qala ho ruwa meutlanyana. Bahwai ba dumellwa ho hlaba bakeng sa matlo a lehae empa hlahloba ya melao-motheo ya sebaka sa hao bakeng sa ditlhoko tse eketsehileng ka ha Afrika Borwa e na le melao e thata haholo e amanang le ho bolawa ha diphoofolo.

Setereke ka seng le sebaka sa heno se na le melao ya sona, ka hona, ho bohlokqa ho netefatsa hore o tseba sitlhoko tsa hao sebakeng sa heno. Hona jqale NSPCA le SABS di hlahisa melao ya Best Farming Practice e amanang le le meutlanyana ho tiisa boiketlo ba meutlanyana e lengwang. Tshwara meutlanyana e kgethilweng bakeng sa polao ka bonolo le ka tlhompho. Phoofolo e tshoswang motsotsong wa polao e tiisa mesifa le nama e thata haholo.

Mokgwa wa ho Bolaya

Le hoja mokgwa o molemo ka ho fetisisa ke wa ho sebedisa se botho sa motlakase, se tshwanelehang ho meutlanyana ha se fumanehe habonolo sebakeng sa bo rona mme hangata se theko e boima bakeng sa tshebetso e nyane.

Mokgwa o hlalositsweng mona o nka hore motho ya etsang ho hlaba ka letsoho le letona le hore letlalo (boya) le tla bolokwa bakeng sa ho fifalla ha letlalo. Mokgwa o ka tlase o tla etsa bonnete ba hore hlooho e tla tloswa mmeleng mme e be e hlwekiswe ka thoko bakeng sa ho ja kapa ho lahlehelwa e le dikahare tse lahlwang.

Beha mmutlanyana tafoleng le hlooho ya yona e tadimile ka letsohong la hao le letshehadi mme o tiise hore e bataletse ebile e tsitsitse. Beha letsoho la hao le letshehadi hodima sefahleho sa yona le mahlo, ebe o sutumetsa monwana wa ho supa wa letsoho pakeng tsa ditsebe ho di arola le ho di hatella.

O sebedisa sesebediswa se kgutshwanyane, se bobebe, se boima (baton) ka letsohong la hao le letona, sebedisa modumo o boima hloohong ka mora ditsebe, eseng molala. Ka tsela ena, boko bo bonyane bo tla lemala hampe mme lefu le batla le le teng hang-hang.

Kamora ho otlwa, mmutlanyana o tla kgaola ka matla ka karolo ya lefu la oona. Ho sebetsana le sena o lokela ho lahla baton hang-hang e le hore o utlwisise hantle hore na mmutlanyana o letsohong la hao le letona jwang, o phahamisa ka morao tafoleng. Ka nako e le nngwe kenya letsoho la hao le letshehadi ho nka molala wa mmutlanyana.

Hona jwale ha o ena le setopo tlasa taolo, o lokela ho tshwara hlooho hodima sekotlolo ho tshwara madi a tswang knong ya yona. Leha ho le jwalo, ha ho bohloko bo bong le bo bong bo arohanang methapo ya madi a ka hare le ho ntsha setopo sa madi, meutlanyana e lokela ho kgaolwa melala ya yona.

Translated by Bongani Matabane