African Elephant
Tlou

© Justin Fox

Lebitso

Tlou (Loxodonta africana)

Selelekela

Tlou ke phoofolo e kgolo ka ho fitisisa lefatsheng ibile e ya antsha, e boima ba ditane tse supileng, e bolelele ba di milimitara tse 3.3 mahetleng , tlou e ka kgona ho phela dilemo tse fetang 70. Boima ba manaka a tse tsofetseng bo fihla ho dikilomitara tse 50-60, empa manaka a fihlang.

Tjhebahalo

Kutu ya tlou e fetoletswe nkong ya yona epotlakang ho utlwa, e ka kgona ho utlwa metsi ka tlase ho lefatshe. Hona le mesifae 50000 kutung ya tlou e tshwana le monwana o utlwaqng ka pele o dutse qetellong ya kutu e kgona ho fumana le dintho tse nyane jwalo ka lekala, palesa e ka hula le dintho tse boima jwalo ka lehlaka le jwang e ka hula le meutlwa.

Na ditlou dina le mangwele le ditsu?

Manonyeletso a nkuwa e le mangwele hantle ke maqaqailana. Ke hose utlwisisi ho tlwaheleileng hore moo manonyeletso a kopanang tseng ke mangwele. Phapang pakeng tsa batho le ditlou ke hore masapo a matso le masao a maoto di arohane, haa tlou ke ntho ele nngwe e kntseng tshwanela phooofolo e boima e maoto a mane.

ho baneng ha tlou ena le manaka?

Eetseditswe ho fumana dijo holwana le ho itwanela.hantle ntle e sebetsa jwalo ka leino layona le holing ha entse e hola hofihlella dishwa dilemong tse bo 60, letlalo la yona le botenya ba disentimitara tse tharo, mme le utlwa ka pele haholo.

Dijo

E ja ho feta tekano ka letsatsi, e ja dikilogramo tse 272 tsa jwang, dimela tse bonolo, makgapetla a difate. tlou e kanwa le dilitara tse 200 tsa metsi ka nako e le nngwe. Tlou e lenngwe e ntsha bolokwe ba dikilogramo tse 150 ka letsatsi.

Tswalo

Ha di tswale ka nako tse itseng. E tswala namane e le nngwe dilemong tse tharo kapa tse nne. Nyalano ya tsona ke kgwedi tse 22. Boima ba namane ba tlhaho ke dikilogramo tse 100, mme di ikemela ka dikgwedi tse 18 - 23. Namane ya kgutsana etla nkuwa ke e nngwe ya ditluo tsaleloka kapa etla nyantshwa ke tseding tsetshehadi.
Ditlou ke bomme ba elang hloko haholo ka lebaka la hore bongata ba ditlou boitshwaro a tsona a hloka hore o ithute diboloka madinyane a tsona dilemo tse ngata, le ha di se di ikemela hangata e ba bonyane dilemo tse 4-5. Namane e dula e le karolo ya sehlopha sa bokgashane. Tse tshehadi di hola bakeng sa thobalano dilemong tse 11, tse tona dihola dipakeng tsa 12 – 15, mme dintshiwa mohlapeng wa bokgashane. Le ha di hodile bakeng tsa thobalano ha di tshwale ho fihlella dilemong tse 20 le ha dise di isitswe sehlopheng se busang

Boitshwaro

Tse tona di hola ho tloha sehlopheng sa bosowa ho ya ho bo mong. Ditlou di tswa malapeng a tiileng, manamane le masea. Mohlape ona o dula o etetswe pele ke e tshehadi ya leqheku. Ntle le ho nwa metsi a mangata di rata ho tsamaya le qwela metsing. Ho wa bonahala hore ditlou di rata ho hlapa ka seretse. Ka e nngwe ho ne ho nahanwa hore mohlape ona o moholo o etellwa pele ke leqheku le letona, empa hwa fumaneha hore tsena tse tona di rata bo mong. Sehlopha sa tse tshehadi hangat se etelwa ke tse tona nakong ya nyalono. Dihlopha tse amanang di ka tlala sebaka mme di ya tsebana.

O hlokomela jwang tlou hae bapala le ha e kwatile?

Ho bohlokwa ho ela hloko hore tlou e bohlale haholo, mme e nngwe le enngwe e nale tlhaku ya yona e hlohelletseng. Le ha hole jwalo ho bolelwa hore ha e thabile e ferekanya muru, e etsa lerwele, e etsa mohoo, e bula ditsebe le ho tshosa tse teng, ho bolelwa ha e bapala. Ha e kwatile kapa e tshohile tlou hangata e tsitsinya hloho e hlohlore ditsebe tsa yona tse kgolo kgahlano le hloho. Diqoso tse tebileng di etsahala ha e hlotswe, mme tlou e ya tshowa. Ditsebe di manama morao, hloho le kutu di ya theoha. Ke moo e tla ntshang bohlale ba yona le hore na e ka hlasela sera ka tsela efeng.

Hobaneng ditlou di hlohlora ditsebe tsa yona

Ka ho fapana le ditumelo tse tlwaelehileng, ha se pontshahatso tsa ho kwata. Ho ba phoofolo ya boholo bo bo kalo, e senang masobana a ntshang mofufutso le mabadi a mmala a matsho, ditlou di hlohlora ditsebe ho Iphodisa le ho tlosa dikokonyana tse e kgathatsang.

Moo di fumanehang teng

Bongata ba ditlou bo fokotsehile haholo ho ralla le kontinente. Afrika Borwa Kruger National Park Tlou ya Addo e nale mohlape o mongata. Ka lebaka la mehato e matla ya tshireletso bongata ba ditlou Afrika Borwa bo ile ba nyoloha ho 120 ka 1920 dibakeng tse 4, ho ya ho 10 000 dibakeng tse 40 ho fihla kajeno.

Dintlha tsa tshimo

Tlou haufinyana e arotswe ka mefuta e mmedi, e leng Tlou Ya Moru wa Afrika (Loxodonta Africana) le Tlou ya Meru ya Pula Afrika bohareng (Loxodonta cyclotis)