Dilemo tsa sesole Robben Island

Qalo ya theho ya sesole

©Roger de la Harpe
Dilemo tsa ho tlowa 1936 ho ya 1960 e ne e le dilemo tsa thabo boleleleng ba sehlekehlekeng le bophelo bo mahlonoko haholo. E ne e le dilemo tsa sesole, ha sesole le sesole se hlometseng ba ne ba phela sehlekehlekeng mme ba sireletsa lefatshe le leholo kgahlano le Majeremane.

Ka 1933, Adolf Hitler palesa ya matla Germany e ileng ya tlodisetsa lefatshe tshokolong ya matjhaba, e neng e ka fihlisa boemong naheng batshenyeho e tshabehang ya bophelo ba batho e bitswang ntwa ya lefatshe ya 2. Ha re kgutlela Afrika Borwa, batshepuwa ba ne ba arohane. MaEnglane ho ne ho totobetse hore ba lehlakoreng la Brithane le ba kopantsweng ke matla. MaAfrikannere karolong ya bona, ka kakaretso ba ne ba ne ba rata ketso ya MaJeremane, kapa ne ba buella bo hare ba dikgohlang tsa Europe.

Sena seile sa etsa karohano mmusong o ikopantseng pakeng tsa J.B Hertzog wa Nationalist Party le Jan Smuts wa South African Party. Ka nako ena hlooho ya tshireletso e ne le mmuelli wa popota wa boikemelo e leng Oswald Pirow, mme o ile a sebedisa tsitsipano e ritetsweng lefatsheng la leboya e le lebaka le letle la ho lokisa sesole sa Afrika Borwa. Hore na qeto ena e ne ele wa pelaelo ya hlasela Germany kapa e ne e le tokisetso ya ntwa ya lefatshe kgahlano le MaEnglane ho thata ho ka lekanya.

Pirow o ile a phatlalatsa hore leheka la ho etsa Robben Island sebaka sa ho kena Table bay, o e etsa sebaka se setle sa sesolo, mme o phatlalatsa hore Robben Island kaofela ke sebaka sa sesole. Sethunya sa mashala se ile sa ho iswa lefatsheng le leholo e hosekame ho tumakanya difesetere Green Point. Leqheka le leng e ne e le ho matlafatsa sehlekehleke bakeng sa tshireletso.

Motheo wa sesole sa Robben Isaland

©Roger de la Harpe
Ntwa ka molao ya kgaowa ka 1939. Ka dikepe tsa MaJapane tse neng di tsamaya di sa phuthuloha Indian Ocean le tshwaro e sokang e bonwa ya MaGerman ba tshosetsa sekepe sa U se Atlantic, ho ile ha ba bohlokwa hore tshireletso ya Cape Town e netefattswe. Ka ho loketseng, lefapha la mesebetsi ya setjhaba le ne le laetswe ho sireletsa sehlekehleke. Ditane tsa 150 000 tsa dintho tse ahang di ile tsa etswa tsa tsamaisa lewatleng, mme kapele diahi tsa dihlopha di ile tsa aha ditsela, matlo adulang balebedi, marokgo a theohang, ditora tse lekolang, dithunya, komporo, dihlomo e kpantseng le thepa ya ntwa. Boholo ba meaho ya kgale e ile ya swahlamanngwa, mme marabele a ile a sebediswa ho aha kou e ntjha Marray Bay. Qetellong semela se jang letswai se ile sa ahwa ho qeta phano e fokolang ya metsi sehlekehlekeng.

Dithunya tse pedi tsa mashal tse ahilweng ho phahamisa mefuta ya dithunya tsa 6 le 9.2, Cornrlia Battery e lekola tsela ya Blouberg le tshireletso ya De waal Battery e kenang Table Bay. Ka nako ta ntwa, nne 3.7 le pedi 40mm sethunya sa Bofor di ile tsa kenngwa dibetseng mmoho le dummy Battery e neng e sebediswa bkeng sa ho hohela. Mmoho lemashala a Simonstown le Llandudno, ba ne ba tshepa hore tshireletso ya lebopo e tla kgathatsa bahlasedi ba bifileng mme diterata di ne dikentswe ho ya le lewatle fatshe ho utlwa sekepe sa u sekenang kantle ho tumello.

Ha ho ka haba le tlhaselo Cape town le dithunya ha di ya ka tsa thunya ntweng. Di ne di thunya ka diteko le thuto, le ha hole jwalo,ketsahalong e le nngwe, ba ne dula bakgantshitse difate tsa Bluegum ho etsa tetema ya mollo. Le ha hole jwalo sekepe sa U se ile sa nnasa tsamaya se sa tsitsa metsing Cape mme ya hlekefetsa diketswana tse sehlopha tsa kopano se yang lebopong le bophirima.

Lapeng ho masole a hlometseng

©David Fleminger
Nakong ya dilemo tsa ntwa le hoya pele, dikete tsa masole di ile tsa etsa Robben Island lehae. Masole,boramitjhini, dingaka, baruti, masole a tsamayang ka maoto, masole a ntwa hotswa ka bobedi Brithane le Afrika Borwa dihlopha tsohle di ne di sebeletsa Robben Island, e le ka mosebetsi wa nnete kapa thupello. Masole a ba mmala a tswang seponeseng sa Cape le basadi ba masole ho tswa Women’s Auxiliary Army Service (WAAS), Women’s Auxiliary Air Force (WAAF) and the South African Women’s Auxiliary Naval Service (SWANS) ba ne ba sebediswa ho tshehetsa ntwa ya naha ha makgowa a manyane.

Ha ntwa e fela ka 1945, boholo ba masole ba ile ba tswa Robben Isaland. Sesole se ntse se ithwareletse ho bohlokwa ba mokgwa wa karolo e nyane ho fihlela ka 1960, le ha hole jwalo, sebopeho sa motheo seo ba se ahileng e le Costal Artillery School. Boholo ba diahelo, dipono,dithunya le ditora tsa poloko di ile tsa wela ho se sebedisweng, empa setjhaba sa badudi bao e seng ba ka dinako tsohle baile nka sebaka seo sa toropo ya Irish mmeba etsa motsana oo wa bona. Boholo ba batho ka morao ba ile ba ngola ka ho holela Robben Island, polokeho e ntshuwa, moo ketso feela e neng ele motsamayo wa masole le ho thunya ha dithunya tsa mashala seo dineng di sebediswa ka nako e nngwe e le karolo ya thuto.

Translated by Sibongile Sonopo