Dijo tse tlatsetsang bakeng sa Dipodi

©Marinda Louw
Podi e fumana dimatlafatsi tse ngata ha e ntse di fula mme e hloka ho qeta dihora tse 6 ho isa ho tse 8 ka letsatsi (ho ja jwang) le ho lekola (ho ja makgasi). Ho fepa dipodi tsa hao ho lokela ho tsepamisa mohopolo ho tsamaiso e nepahetseng ya dibaka tse fokolang e le hore dijo tse hlokwang ke phoofolo di ka finyellwa ke dijo tsa tlhaho ha ho kgoneha.
Ha boleng ba dijo bo fokotseha nakong ya komello, sehwai se hloka ho fana ka dijo tse eketsehileng. Dijo tsa phepelo ya dijo ha di nkele sebaka sa tlhaho sa ho fula, e mpa e tlatsa kgaello.
Dijo tsa tlhaho ke theko e tlaase ka ho fetisisa bakeng sa dipodi le dihlahiswa tsa tlhahiso di tla eketseha ka dijo tse tlatsetsang, empa phepo ya tlatsetso e ba ya bohlokwa haholo haeba dipodi di le boemong ba tsona ba bokhachane bo fokolang kapa mathwasong a pelehi. Ditlhoko tsa ho fepa tsa kapater (podi e tona e faotsweng) kapa e tshehadi e omeletseng di batla di tshwana, empa ka nako ya ho hlahisa lebese ho hlokahala hore phepo ya podi e eketsehe ka ho feta 50%. (Ho fepa ho tlatsetso ha kapater ho tla lefa feela nakong ya komello, kapa ho nakong ya ho bolawa.)

©Marinda Louw
Dijo tse tlatsetsang di lokela ho kenyelletsa bonyane mefuta e mene e fapaneng ya furu ho etsa bonnete ba hore e ja dijo tse nepahetseng. Ho phaella moo, diphoofolo di hloka matla le diprotheine hore di dule di phetse hantle. Bakeng sa sena, furu ya dimela tsa dinawa (cowpeas, alfalfa) di na le diprotheine tse ngata hammoho le matla. Furu e bolokilweng (e lokela ho bolokwa e omme ho thibela hore e be hlobo) e ka feptjwa ho fana ka dijo nakong e omileng.
Eba le dijo tse fepang, sebedisa 400 g ka letsatsi bakeng sa podi e kgolo e sa imang, e ka fanwa e le tlatsetso. Ho kopanya mefuta e mabedi ho ya ho mefuta e meraro ya ho tsepamisa mohopolo ho tla etsa bonnete ba hore matla le diprotheine di lekane. Kgaba ya letsoai le diminerale le vithamine mix e ka ekeletswa ho netefatsa hore ditlhoko tsa vithamine le diminerale dia finyellwa.
Ho fepa matla ka matla ke poone, harese, dijo-thollo tsa thitelo le dijo tsa dikuku tsa oli ya cotton seed.
Ho fepa diprotheine haholo, ho kenyelletsa di fishmeal, dijo tsa dinawa tsa soya, dijo tsa dikuku tsa oli ya cottonseed le dijo-thollo tsa thitelo. (dijo-thollo tsa thitelo ke tse setseng tsa dijo-thollo tse nonneng tse sebedisoang ho etsa biri.)
Ho fana ka mohlodi o motle wa naetrojene le matla bakeng sa dipodi, o di fe lejwe la urea-molasses ho le leka. Sena se tla boela se di thusa ho sila furu hantle, haholo nakong ya komello. Le boloke ka setsing se bulehileng, ho theoha fatshe, kahoo dipodi kaofela di ka le leka ha di rata.
Metsi a hlwekileng a lokela ho ba teng hangata kapa a fane ka bonyane ka makgetlo a mane ka letsatsi le dijana tsa metsi di lokela ho hlwekiswa hangata mme a se be le bolele.
Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ya ho fepa dipodi tsa hao, ikopanya le setsebi sa bophelo bo botle ba diphoofolo, mofoki wa diphoofolo kapa mofani wa phepo ya diphoofolo.

Translated by Bongani Matabane