Carob e le Dijo tsa Diphoofolo

© Zeynel Cebeci

Sefate sa carob se dulang se le setala se hlahisa dikgetla tse kgolo tse tala, tse feohang hoba sootho ha butsitse. Dikgetla di nale romo e tswekere le peo e sootho esita leboholo. Ha e tswile ka hodimo, peo e hlahisa gamo e sebediswang ho tiisa dijo. Dikgetla tse tswekere, di ba le faeba e jowang ke dipere, dikgomo, difariki, dipodi le mebutla. He e jowe ke dikgoho. Kgetla kaofela (le peo e thata) di lokelwa ho silwa ka hare ho motjhini o silang. Dithotse tsa carob di thata haholo ntle le ha eka kenngwa mobung pele e jowa, e ka feta sa sileha ho ya sebakeng sa tshilo.

Dithotse tsa carob di nale 18% ya protein le 42% - 46% ya gamo. Carob enale dikhemikhale le hore ha eya lokela ho feta 10% dijong tsa diphoofolo. Khemikhale ena e kena kenana le ho sileha ha protein. Folouru ya thotse tsa carob e nale protein e hodimo mme sebediwa dijong tsa dikgomo mmoho le disikiting tsa dintja. Folouru ya carob e qhibidiha ha bonolo metsing mme e ka sebediswa ho kgwesa madinyane a difariki, dinamane le tse ding tse thuisang.

Bo rapolasi ba bang ba feba dipere tsa bona carob e ele dijo tse phodileng kapa ho nka karolo ya tswekere jwalo ka motso o ommeng. Dikgetla tsena di silwa ka hara motjhini o silang, empa dipere di ja dikgetla ho tswa fatshe. Carob jwalo ka dijo tsa mebutla ho ile ha lekwa dithutong tsa Egypt mme ha fumanwa hore ho kenyeltsa 5% ya dikgetla tsa carob dijong ho ntlafatsa kgolo ya ho hola ha mebutla.

Carob Bakeng sa Dinku le Dipodi

Carob jwalo ka dijo tsa diphoofolo bakeng sa dinku e ile ya fuputswa dithong ke Kahramanmaras Sutcu Imam University Bursa, Turkey. Ho ile ha fumaneha hore dikgetla kaofela ya carob di di nale mohlodi o matla a lekaneng bakeng sa dinku, empa ditlatsetso tsa protein di ya hlokahala ha dithotse tsa carob di kenyeletswa dijong tsa diphoofolo tse thuisang.

Dithutong tsa dijo tsa Italy, ho ile hafumaneha hore dithotse tsa carob di nale protein e lekaneng le matla a ho kopanya tshehetso le ditlhikeho ya ho sis ho sisisa dipodi dibakeng tsa seka komello. Lebeseng la dipodi, moo ho senang furu dijong nale boholo ba faeba ka mokgwa wa dithotse tsa carob (20%) le sehlahla sa bete (27%). Palo ena e ka nka karolo ya furu e futsanehileng.

Carob Jwalo ka Dijo tsa Difariki

Carob e loketse ho fepa difariki. Dithuto tse entsweng tsa thekiso ya difariki dipolasing mane Greece e shebile ka moo ho fepa carob ho ammeng nama ya fariki. Kakaretso ya 160 ho kgwesa madinyane ho a fa dijo, e kenya ekaba 0 kapa 75 kapa 100 kapa 125g ya kgetla ya carob bakeng sa kg ya dijo. Sephetho se botsha hore boima ba setopo bo ne bo le hodimo ka koketso ya 75 - 100 g/kg ya dithotse tsa carob. Tshebediso ya dithotse tsa carob dijong tsa difariki boemong ba 125 g/kg ya phepo ha e ya ama boima ba mmele.

Ka hoo, dithotse tsa carob ho nahanwa hore ke tsona tse nontshang dikolobe. Setsebi sa difariki le mokaubere Dr Jim Robinson, o kgothaletsa ho sebedisa carob ya fatshe e rellang e sa feteng 5% dijong mme o kgothaletsa ho ja difariki tse kgolo pele ho fumana karabelo. Dikhemikhale tse hodimo le maemo a tswekere a bonahala a hatella takatso ya dijo difariking tse nyane, le ha matla a dikateng di tla loka. Kgomarela ho poloko ya tshenyeho ya 5% ntle le ha eba e tsamaisong le thekisong.

Ka nako eo o ka leka ho e phahamisa ho fihla ho 10% ya motswako wa hao wa dijo. Elahloko kakopo: Lesedi lena ke la thuto le bakeng sa Lesedi feela mme ha le ya lokelwa ho nkuwa jwalo ka keletso ya dikwetla. Lesedi ha tshwanela ho nka karoloya keletso kapa tsela ya ho fepa diphoofolo ka tsela ya profeshene.

Translated by Sebongile Sonopo