Blesbok

© Roger de la Harpe

Lebitso

Blesbok (Damaliscus pygargus phillips)

Tjhebahalo

Tjhebeho, di poho le tse tshehadi di tshwana ka tsela e makatsang. Boima ba tsona e kaba kilogram tse 85. Blesbok e bonahala ka sefahleho sa teng se mollo le mela e tshekaletseng e sootho e arolang ho tuka ho ka hodimo ho mahlo, mmele o sootho, karolo e ka morao e ya kganya. Maoto a sootho ebile a nale karolwana e tshweu ka hodimo ho leoto le ka pele. Ditlhako tsa tsona di tshweunyana. Tse tona le tse tshehadi di nale manaka. Manaka a tse tshehadi a ma sesanenyana.

Dijo

Blesbok eya fula, e rata jwang bo bokgutswane mme e rata haholo ho ja jwang bo foreshe bo hlahang ka mora hore thota e tjhe.

Tswalo

E tswala ka nako e itseng ya selemo. Leeto le etshala kgweding Tlhakubele- Motsheanong. E tswala kgweding Mphalane-Tshitwe ka mora nyalano ya matsatsi a 240. E tshehadi e tswala namane ele nngwe feela.

Boitshwaro

Blesbok e amana le Bontebok haholo. History e bontsha ha kabo phoofolo tsena saka tsa hola ho feta.

Moo di fumanehang

Kabo ya tsona e thibetswe Repaboliking ya Afrika Borwa. History e dibaken tse kang Kapa Botjhabela, Frystata, karolo tsa borwa ho Transvaal ya mehleng, KwaZulu-Natal ho ya Tungela river le Lesotho, ka Bophirima ho Maluti Mountains. E kile yaba e nngwe ya matsa a kileng a se tsotellwe haholo Afrika. Besbok e ile ya se fumanehe haholo ka selemo sa bo 1893, ele a baka la ho tsongwa bakeng sa letalo le nama ya lona. Besbok e se e kentswe dibakeng, le tse se nang disebediiswa tse hlokehang bakeng sa yona. Kajeno di fumaneha haholo le mafatsheng a kenyeleditsweng le mehlape e menyane mme dinomoro di ballwa ho 120 000.

Dintlha tsa tshimo

Ho amana ka kotloloho le Bontebok hoi le haba le tumellano ya tswallano ho fihlella boemong boo ha jwale dinomoro tsa teng di tsitsitse. Lebitso le hla maburu lentswe (Blaze) le boleng mollo o mosweu phatleng.