Aardwolf
Phiri ya Fatse

© Nigel J Dennis

Lebitso

Phiri ya fatse/ Aardwolf [Proteles cristata]
Aardwolf ke lentswe la Afrikaans le bolelang ‘Phiri ya fatshe”, eshebahalang jwalo ka ntja le diketso le dijo. E tjheka bohlwa e ya boja.

Tjhebahalo

Phiri ena e letlalo la yona le lesehla bo sootho le mela e seng mekae ya e metsho, mohatla o nonneng o mela o motsho o molelele, e mahwashe, moriri o motsho ka mokokotlong, o emang ha e ikutlwa etshoswa kapa e tshaba. E bolelele ba disentimitara tse 40-50 ho tloha mahetleng ka mohatla o molelele ba disentimitara tse 20-25, ho tloha nkong ho ya mohatleng e bolelele ba disentimitara tse 65-80 le boima ba dikiligram tse 8-12. E tshwana le phiri e nyane e mela.

Dijo

Phoofolo ena e sa tlwaelehang e ja bohlwa. E ikamahanya haholo le hoja bohlwa, meno a Aardwolf ntle le leino la ntja, meno a yona a manyane a a kgone ho hlafuna, meno a dintja a tiile a e thusa ho itwanela lelapeng la yona le ho Thikgwi tse ding. Dijo tsa yona di kenyeletsa bohlwa bo bang leqeme nakong ya mariha, mme e fetola mofuta.
Hona ho bolelela hore dijo tsena tse lekanyeditsweng di bolela hore Thikgwi e lekanyeditse hore e phele moo mefuta ena e eleng mengata. Ka bosiu bo le bong e kgona ho ja kokonyana tse 200 000-300 000. Ka kutlo ya tsona e lethwethwe e kgona ho utlwa bohlwa ka tlasa lefatshe. E sebedisa leleme la yona le leholo, le kgomarelang ho di hulela ho yona. Thikgwi e tsebahala hape ka ho ja ditweba, dinonyana tse nyane, mahe le diphoofolo tse shweleng.

Tswalo

Ha esale e rata bo mong, dihlong ebile dile thata ha ho tsebahale haholo ka boitshwaro ba yona, empa tumelo ke hore di etsa thobalano nako tsohle tsa selemo. Boimana ba yona bo nka matsatsi a 90-100, mme e tswala madinyane a 2-4. Ha di kgona ho ja dijo le fepuwa dijo tse hlafunnweng.

Boitshwaro

Phiri ya fatshe e mafolofolo bosiu, e fula ka bo mong, ho etsa thobalabo le ho hodisa masea. Ho nale nako eo di tla bonwang ka bobedi le dihlopha tse nyane. Phiri ya fatshe ha e soka e etsa leloko la phiri e matheba le metsero ka baka la dijo tsa yona tse lekanyeditsweng. Phiri ha etle le dijo hae kapa ho arolelana, ka hoo di lokela ho ipatlela. Bodulo a tsona hangata bo fumaneha mekoting ya di mmutla. Phiri ya fatshe e tjheka ka hloko, mme kantle ho mokoti di tla ikahela.

Moo di fumanehang

Di fumaneha Bophirima le Borwa ba Afrika, ntle ho le lebopo le ka borwa. Popo ena e senang kotsi e bonahala e rata mefuta e fapaneng ya bodulo jwalo ka tse sa omang haholo, thota e bulehileng, makgulong a jwang, difateng, moo e phelang ka mekoting fatshe. Ho nale boholo ba di Phiri tsa fatshe tsa tlhaho tse pedi tse arohaneng, e nngwe e Afrka Borwa e nngwe e bohareng ba Tanzania borwa hoy a borwa ba Egypt. Di Phiri ya fatshe di fumaneha makgulong a jwang le dihlahleng tsa Butswana, Karoo le profinsing ya Kapa Borwa.

Diphuputse tse ikgethileng

Boima ba tse tshehadi
Dikiligram tse 7.7-13.5
Boima ba tse tona
Dikiligram tse 7.7-13.5
Bolelele ba tse tshehadi
Disentimitara tse 90
Bolelele ba tse tona
Disentimitara tse 90
Nako ya boimana
2 month
Palo ya bana
2-4
Tatellana
Carnivora
Lelepa
Hyaenidae
Tswalo
Madinyene a 2-4, ho tlowa Mphalane-Mmesa, nako boima kgwedi tse 2.
Tlhaloso ya mehlala
E nale menwana e 5 leotong le ka pele, empa monwana wa pele o dutse hodimo mme ha o etse mohlala hohang, leotong le ka morao menwana e 4. Dingwaparella tsa yona di motsu ha o di lekola ka hodimo, empa ka mahlakoreng a sephara tlaase a matla, ebile a bolelel dimilimitara tse 20 ebile a tjikile.