Aardvark
Thakadi

© Nigel Dennis

Lebitso

Thakadi [Orycteropus afer]

Tjhebahalo

Di nale mmele o bolele ba disentimiara tse 110 le mahetla a bolelele ba disentimitara tse 60, mohatla wa disentintimitara tse 60-70. Letlalo la yona le pinki bo boputswa kapa boputswa bo sooth o le mahwashe, moriri o mosehla. Letlalo la yona le ka hare le le none bakeng sa ho e sireletsa kgahlano le dikokonyana. Mmele wa yona o monyane, o tletse Aardvark e nale moaho ka mora mokokotlo. Maoto a yona a matla a apesitswe ka boya bo lefifi, maoto a kapele a nale menwana e mene ha a ka morao a na le e mehalano, menwana kaofela a apesitswe ka lanaka le thata le kang lenala.
Manaka a kapele a etseditswe ho tjheka dijo. E sebedisa manaka ana ho tsamaya. Hloho e telele e sesame mme e fella ka sefene sa tjhupu se kang sa fariki, se apesitsweng ka moriri o mosweu o bolele ba dimilimitara tse 25-50. Ditsebe di kgolo di none qetellong. Mohatla o mosifa o nonne qetellong. Ntho e ikgethang ka yona ke meno a yona, a manyane ho feta a diphoofolo tse ding, a fumanehang ka mora ditlhaha. Meno ha a kgomaela mehlare, empa a hola ho ya pele ha e ntse e hola. Ha a hole ka tatellano. Meno e kare ditora ka sebopeho, ha a na methapo. Meno ha a apeswa ka enamel jwalo ka meno a diphoofolotse ding a apesitswe ka samente.

Dijo

Dijo tsa yona di kenyeletse bohlwa le dikokonyana. Di ja bosiu mme dija se latella sehlaha sa bohlwa. Di ja ka ho fiela fatshe ka nko di ntse di tsamaya ka mokgwa o matswedintsweke. Di tsamaya dikilomitara tse ka bang 16 di batla dijo bosiu. Dija ka ho qhalakanya dithaba tsa bohlwa ka manala a yona a matla. Ka leleme la yona le tamolohang (bolelele b aba dimilimitara tse 300), le apesitsweng ka mathe a matenya a kgomarelang e hohela dikokonyana e di je. Di rata le lehapu. Ka baka la mokgwa ona wa ho ja meno a yona a jeha ho ya fatshe jwalo ka a fariki, mme a e thusa ka ho tshwara dijo tse thata.

Tswalo

Ha hona nako e itseng ya ho etsa thobalano. Boimana bo nka dikgwedi tse 7, e tswala ledinyane le le leng. Namane e tswalwa ele pinki e sena moririr. Di dula mekoting bakeng sa dibeke tse pedi pele di ka tswa le bomma tsona ho kantle. Di qala ho ja ha dina le dikgwedi tse 3, di ikemela ha dina le dikgwedi tse 7. Di hola thobalanong ha di na le dilemo tse 2.

Boitshwaro

E rata bo mong, e mafolofolo bosiu, mme di rata ho ora letsatsi monyako wa mekoti. Motsheare di robala di iphinne sekolokoto jwalo ka bolo. Di ya fata, mme di sebedisa maoto a ka pele a tsitsinyang ebile a kguthumetsa ditshila ha a ka morao a kguthumeletsa ditshila morao le ka lehlakoreng. Aardvark e etsa mekoti bakeng sa mabaka a fapaneng, ho fumana dijo, tshireletso le ho fana kasebaka se sereletsehileng ho hodisa madinyane.mokoti o ba bolelele ba dimitara tse 13, e nale dikamore tse fapaneng ke menyako e fapaneng, ha di nyametse di sebediswa ke diphoofolo tse kang kolobeya muru le phokojwe. Aardvark e nale kutlo e bohale empa pono ya yona e tlaase. Ho makatsang ke hore di tseba le ho tola. Ha di tshoswa ke medumo ya diphoofolo.

Moo di Fumanehang

Seka meru, merung e metala e kwahetsweng le mahwatateng a bulehileng moo lefatshe le leng bonolo ebile ho fumaneha dijo le matsi. Ha di fumanehe dibakeng tse majwe le tse ommeng jwalo ka mahwatata.