Wild Ginger
Sephephetho

© Ton Rulkens

Lebitso

Sephephetho

Lebitso la SeLatin

Siphonochilus aethiopicus

Tjhadimeho

Ha se feela ha kutu ya sephephetho o la ne monko tshwanang le gemere, ebile se na le tatso e tshwanang le yona. Sephephetho ke lelapa le tshwanang le la gemere ebile se na le mahlaku ao a holang pele kapa morao ha dipalesa tsa teng di thunya. Palesa tsena tse nkgang ha monate, a bophara bo dimilimetara tse 60 – 80, ebile se pinki kapa pereseka mmala ebile a hola hodimo bokahodimong ba mobu. Leha palesa tsena di fokola ebile di phela tsatsi le leng feela, sejalo sena se ka thunya palesa tse 25 ho tloha Mphalana ho ya ho Pudungwana. Motso wa sephephetho o sebediswa ha batho ba na le sefuba ebile o se o feela morung.

Lehae

Palesa ena e ka bonwa e hola majweng morung wa Aforikaborwa, empa e se e fedile moo e ne e hola mehleng ya kgale.

Dinoutu tsa naheng

Sephephetho se sebediswa haholo merianeng ya setho, le ditshebeletsong tsa meriana ena ya setho ebile ke ka baka lena se lengwa haholo – hore e fele naheng. Ditsebi di nahana hore se fedile hohle ntle le merung ya KwaZulu-Natal. Ho na le batho ba bangata ba jalang tjalo ena ho thusa ho re e nne e be teng tlhahong.

Mazulu a atisa ho sbedisa tjalo ena ho ba sireletsa mapabi le lehadima le dinoha ebile metso e ya teng e jewa ho fodisa lefuba, lehabea, sefuba le ho hohlola. Basadi ba maswati ba ja sephephetho ka lehatlelo ebile maswati a se sebedisa ho fodisa malaria.